JOBO 16

Jobo o re o hloilwe ke Modimo le batho

1 Yaba Jobo o a araba, o re:

2 “Tse kang tsena

ke di utlwile hangata;

lona bohle le batshedisi

ba tenang motho!

3 Na o sa tla kgaotsa

ho shwahla mafeela?

Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?

4 Hoja boemo ba ka e ne le ba lona,

ke ne nka nna ka bua jwaloka lona,

ka puo tse ngata ka le tlameletsa,

ka ba ka thukuthela

hlooho ya ka ho lona.

5 Empa polelo tsa ka

di ne di tla le kgothatsa,

ho bebenya melomo ha ka

ho le bebolele tlokotsi.

6 “Leha nka bua,

bohloko ba ka ha bo kokobele;

leha ke kgutsitse,

bona ha bo ntlohele.

7 Oho, Modimo, o fela o ntshotlile,

lapa la ka lohle

le timeditswe ke wena;

8 o ile wa ntlhasinya,

mme o sera sa ka;

bokojwane ba ka

ke paki e nqosang ke e shebile.

9 Ya ntlhoileng,

ka kgalefo o a ntlepolaka,

o ntsikitlanyetsa meno a hae;

sera sa ka se ntjheba

ka mahlo a ntjhotjho!

10 Batho ha ba kopetse melomo

ha ba ntshoma,

ba ntjabela lerameng

ba bile ba nnyefola,

ba entse setha-se-wele hodima ka.

11 Modimo o nneeletse ka balotsana,

o ntahletse matsohong

a batho ba kgopo.

12 Ke ne ke iketlile,

ke mona o ntshuhlamantse,

a mphamola ka molalana,

yaba o a mpidila,

a ntlhoma ho ba sekgopi

sa metsu ya hae.

13 Metsu ya hae e nketseditse lethala,

o harola dikahare tsa ka

a se na mohau,

nyooko ya ka yona

o e qhalanyetsa fatshe.

14 O ntlhaba a sa tswa ntlhaba,

o nkgorohela jwaloka seqhobane.

15 “Mmeleng wa ka

ke apere tse mahwashe,

ka phatla ya ka

leroleng ka sunyama;

16 mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi,

botsho bo entse sedika-mahlwana

ntshing tsa ka;

17 leha matsoho a ka

a sa fuparela bokgopo,

le thapelo ya ka ho Modimo

e hlwekile.”

Jobo o ipiletsa ho Modimo hape

18 “Oho, wena lefatshe,

madi a ka o se ke wa a monya,

boipiletso ba ka

bo se ke ba kgaotsa!

19 Le jwale paki ya ka

e lehodimong,

mmuelli wa ka

le yena o hodimodimo.

20 Ha e le metswalle ya ka

e a ntshoma,

keledi tsa ka

di keleketlela ho Modimo.

21 Ke mang

ya ka mpuellang ho Modimo

jwalokaha ho buellwa motho

ho motswalle?

22 “Ho tla feta lemo

di le mmalwana,

ebe nna ke nka tsela

e yang bo-ya-batho.”