JOBO 20

Sofara a hlalosa kabelo ya ba kgopo

1 Yaba Sofara ya tswang Naama o a araba, o re:

2 “Ka baka la lehala

le ka pelong ya ka,

menahano ya ka e re ke o arabe.

3 Ke utlwa kgalemelo

e ntshwenyang maikutlo,

moya wa ka o nthuta

hore ke e arabe.

4 “Ha ke re o a tseba,

ho tloha boholoholo,

ho tloha ha lefatsheng mona

ho bewa motho:

5 Modidietsane wa ba kgopo

o sekgwahla, mokoka ha o yo,

thabo ya baetsadibe

ke ya motsotswana feela?

6 Leha boikgantsho ba hae

bo ka fihla mahodimong,

hlooho ya hae

ya ithwesa tlokola ya maru,

7 o tla timella ruri

jwaloka thete la hae,

ba mmoneng ba re:

8 O tla fela sa toro,

a se hlole a fumanwa;

jwaloka pono ya bosiu a nyamele.

9 Leihlo le mo itseng hedi!

le ke se mmone hape;

le tulo tsa hae

di ke ke tsa hlola di sa mmona.

10 Bara ba hae

ba qekisa ho ratwa ke mafutsana,

ba buseletsa mafutsana qhoqha

ya ntata bona.

11 Bokwakwariri ba botjha

bo tletse masapo a hae,

ha a kgutlela leroleng

bo tla lala le yena teng.

12 “Le hoja bokgopo

bo mo natefela lehano,

a bile a bo pata tlasa leleme la hae;

13 a sa ikutlwe

ho ka kgaohana le bona,

a bo moma,

a bo boloka ka hanong la hae;

14 dijo tseo di a hlasa

ha di fihla ka mohodung,

di iphetole mahloko a bo-marabe.

15 Menono o a e metsa,

o bile o a e hlatsa,

Modimo o a mo hlatsisa,

o kgofa mohodu wa hae.

16 O tla mokonyetsa bohloko

ba bo-marabe,

dikwetsepe tsa qowane tsona

di mmolaye.

17 Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona,

le phororo tse phallang

tsa dinotshi le tsa lebese.

18 Tsa matsoho a hae

o di busetsa a so di latswe,

tse tswalwang ke kgwebo

le tsona ha di mo thabise.

19 O tubile mafutsana,

a a siya a itlhophere,

a ikgapela matlo

e se a matsoho a hae.

20 “Ha a na ho fuwa tsweya

ke takatso tsa hae,

a ke ke a ipholosa

le ka maruo a hae.

21 Meharo ya hae ha e a siya le pala,

boiketlo ba hae ke ba nakwana;

22 o tla tsieleha

a ntsa hafa ka nkatana,

mafutsana a wele ka sekgahla,

a wele hodima hae.

23 Etlare hoja a kgotshe

sa mpana-phatloha,

kgalefo ya Modimo

e mo tlokomele malakabe,

thala la metsu

le mo lethehele hodimo.

24 Leha a ka ba a phonyoha

lerumo la tshepe,

seqha sa lethose sona se tla mo fula,

25 motsu wa sona

o yo phunyeletsa mokokotlo,

ntlha ya wona e phatsimang

e qhale nyooko,

matshabeho a lefu

a mo aparele kahohle.

26 Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse,

o tla timetswa ke mollo

o se na sebutswelo,

ba setseng lapeng la hae

ba tamukane.

27 Mahodimo a tla talola

bokgopo ba hae,

lefatshe le eme ka maoto

ho mo qosa.

28 Ntlo ya hae

e tla hoholwa ke sekgohola,

ke phororo tsa kgalefo ya Modimo

ha e tlokoma.

29 Ona ke wona moputso wa ya kgopo,

lefa leo a le abetsweng ke Modimo.”