JOBO 22

Elefase o re Jobo o kgopo haholo

1 Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:

2 “Na motho

a ka etsetsa Modimo tse molemo,

jwalokaha mohlalefi

a iketsetsa tse molemo?

3 Na ke thabo ho Ya Matla wohle

haeba o lokile?

Kapa o a mo entsha

ha tsela tsa hao di hloka kodi?

4 “Na o tla o kgalemella

ho mo tshaba ha hao,

ka baka la hona a o etsetse qoso?

5 Bokgopo ba hao bo boholo haholo,

dibe tsa hao di hloka moedi!

6 O nkile peeletso ho ngwaneno

a se na molato,

ba hlobotseng bona

wa ba hlokisa le nketlana.

7 Ba nyorilweng

ha o a ka ba nyorolla ka metsi,

ba lapileng

ha o a ka ba ngwathela letho,

8 le hoja o no le matla,

fatshe o le ruile,

batho ba o tlotla,

o phela ho lona.

9 Bahlolohadi ba tlohile ho wena

ba itlhophere,

ha e le kgutsana tsona

wa di robokela.

10 Ke kahoo maraba

a o potapotileng kahohle,

tshabo e tsometsang

e o hlokisang boiketlo,

11 fifi le o aparetseng,

o sitwang ho bona,

phororo tsa metsi

di phuthumanang hodima hao.

12 “Modimo ya mahodimong

a hodimodimo,

o tadimela dinaledi tlase,

o di tadimela tlase

le hoja di le hodimo!

13 Empa wena o re:

A ka ahlola jwang

hara fifi le lekaalokaalo?

14 O hara lesira la maru,

a ke ke a tseba ho bona,

ha a ntsa ralotsa

hopong la lehodimo.>

15 “Na o tla hanella tseleng ya kgale,

tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?

16 Ba tlositswe

nako ya bona e eso fihle,

metheo ya bona

ya hoholwa ke dikgohola;

17 bona ba itseng ho Modimo:

Ya Matla wohle a ka re etsang?>

18 Empa ke ka yena

matlo a bona a tletseng menono,

kahoo nna ke hole le keletso

tsa ba kgopo.

19 “Ba lokileng

ha ba bona ba a nyakalla,

ba se nang molato

ba a soma, ba re:

20

di timeleditswe ruri,

tlotlo la tsona

la tjheswa ke malakabe.>

21 “Boelana le Modimo,

o tlo be le kgotso,

ka ho etsa jwalo

o tla tlelwa ke tse molemo.

22 Amohela thuto

e tswang molomong wa hae,

polelo tsa hae

o di boloke ka pelong ya hao.

23 Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle,

yena o tla o hlohonolofatsa,

ha o fedisa bokgopo

kahara leaho la hao.

24 Ha o lahla kgauta ya hao,

o e lahlela hara lerole,

le kgauta e tswang Ofire,

o e lahlela dikgohlong hara mafika,

25 Ya Matla wohle

e tla ba yena kgauta ya hao,

e be silefera ya hao e hlwekisitsweng.

26 Ya Matla wohle o tla mo thabela,

fahleho sa hao se tadime ho Modimo.

27 O tla rapela Modimo,

ebe o a o utlwa,

kano tsa hao

o tsebe ho di phetha.

28 Merero yohle ya hao e tla atleha,

sedi le kgantshetse tsela tsa hao;

29 hoba Modimo o kokobetsa baikakasi,

baikokobetsi bona a ba pholose.

30 Le ya molato

Modimo o a mo pholosa:

O tla pholoswa

ka ho hlweka ha matsoho a hao.”