Jobo o lakatsa ho ipuella ho Modimo
1 Yaba Jobo o a araba, o re:
2 “Le kajeno sello sa ka
se sa le bohloko;
le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo,
tsoho la Modimo
le ntse le nkimetse.
3 Hoja ke a tseba
hore na nka mo fumana kae,
ke ne ke tla ema
kapela setulo sa hae,
4 nyewe ya ka ke e rale kapela hae,
ka ho tlala
ke lokodise mabaka a ka.
5 Ke ne ke tla utlwa ha a nkaraba,
ke utlwisise
polelo tsa hae ho nna.
6 Na Modimo a ka ntshobokella
ka bonatla ba hae?
Le ho ka!
a ka sekeha tsebe, a mmamela!
7 Ya lokileng
a ka arabisana le yena moo;
ho Moahlodi wa ka
ke lokollelwe ruri.
8 “Ha ke eya botjhabela
ha ke mo fumane,
ha ke eya bophirima
le teng ha ke mo fumane,
9 ha a le leboya
ha ke mmone,
ha a sebetsa borwa
le teng ha ke mmone.
10 Empa Modimo o tseba
metsamao ya ka;
ha a nteka ke tla tswa
ke hlwekile seka kgauta.
11 Mehato ya ka
e hodima mehato ya hae,
ke tsamaile tseleng ya hae,
ha ke a e kgeloha.
12 Taelo tse tswang molomong wa hae
ha ke a di kgeloha,
ka pelong ya ka
ke bolokile polelo tsa hae.
13 “Ha a rerile o rerile,
a ka hanyetswa ke mang?
O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae;
14 seo a se rerileng
o se phetha ka nna,
merero e kang ona
e mengata ho yena,
15 ka baka leo ke tshaba ho ema
kapele ho yena,
ha ke mo hopola
tswalo le a nkgekgetha.
16 Modimo o mphokodisitse,
ke hloka sebete,
Ya Matla wohle
o nkgekgethisa letswalo;
17 empa lefifi le ke ke la nkgutsisa,
fifi la bo-nka-ntjana
le mphoufaditseng.