JOBO 26

Jobo o bolela boholo ba Modimo

1 Yaba Jobo o a araba, o re:

2 “Wa tla wa thusa

motho a fokola!

Wa tla pholosa letsoho le fokola!

3 O eleditse sethoto

hantle hakaakang!

O bontshitse tsebo

e kgolo hakaakang!

4 O rutilwe ke mang

ho bua polelo tsee?

Polelo tseo o di buang ke tsa mang?

5 “Ba ka mabitleng ba a thothomela,

le tsohle tse tlasa metsi,

tse phelang ho wona.

6 Nqalo ya Bafu

e feela kapela Modimo,

mohohlo wa timelo o ahlame,

ha o a kwahelwa.

7 Modimo o sarolotse leboya

hodima sepakapaka,

a leketlisa lefatshe

hodima bofeelafeelane.

8 O phuthetse metsi

kahara maru a hae;

ha ho leru le phatlolwang

ke boima ba metsi!

9 Kgwedi ha e tolokile o a e fifatsa,

ka maru a hae a e etsetse lesira.

10 O radile sedikadikwe,

a se rala hodima lewatle,

a etsa moedi

ho arohanya lesedi le lefifi.

11 Tshiya tsa lehodimo

le tsona di a reketla,

di reketla

ke ho tshoha kgalemelo ya hae.

12 Ka matla a hae

lewatle a le tsosa maqhubu,

ka bohlale ba hae

a tamukanya Rahaba.

13 Ka moya wa hae

a ntlafatsa mahodimo,

ka tsoho la hae

a hlaba noha e lelesela.

14 Tsena ke dinyane feela

tsa matla a hae,

tse bolelwang ka yena

ke lehweshehweshe;

boholo ba matla a hae

bo ka utlwisiswa ke mang?”