Motho o batla bohlale
1 “Silefera
e na le morafo wa yona,
kgauta
e na le setshekelo sa yona;
2 tshepe yona e tjhekwa
e etswa katlasa lefatshe,
lethose le fumanwa
ka ho qhibidisa moralla.
3 Motho o kenella hare
mpeng ya lefatshe,
a yo fihla kgotjheletsaneng tse hole,
a etse merafo
hara lefifi le letsholetsho.
4 O tjheka tjhafo
hole le leaho la batho,
bakeng tseo
leoto le eso hate ho tsona;
a leketle marapong
a le hole le batho,
a tsokotsehe, a ye kwana le kwana.
5 Dijo di mela kahodima lefatshe,
katlase le fuduuwa
jwalokaha ho fuduuwa mollo.
6 Majwe a lona
a bopeletswe le disafire,
a bile a na le mereto ya kgauta.
7 Tsela ya teng
ha e tsejwe le ke letlaka,
esita le phakwe
ha e eso ka e e bona.
8 Batana tsa naha
ha di eso tsamaye ho yona,
esita le tau ha e eso fete le moo.
9 “Lejwe la moremaphofu
motho o a le thuaka,
thaba a di fure metheong ya tsona.
10 Hara mafika a phunyake mesele,
mahlo a hae a bone tsa bohlokwa
di le mefuta.
11 Metsi a rothelang ka merafong
o a a thibela,
tse patehileng a di bee mmananeng,
di bonwe ke bohle.”
Bohlale ha bo fumanwe
12 “Ebe jwale bohlale
re ka bo fumane kae?
Lehae la kutlwisiso lona
le fumanwa kae?
13 Bohlale ha bo fumanwe
fatsheng la ba phelang,
ha ho ya utlwisisang
bohlokwa ba bona.
14 Bodiba bo re:
Lewatle le re:
15 Ka kgauta e hlwekisitsweng
bo ke ke ba rekwa,
kapa theko ya bona ya methwa
ka boima ba silefera.
16 Ka kgauta ya Ofire
bo ke ke ba rekwa,
kapa ka kareneleane
le safireya bohlokwa.
17 Kgauta kapa mahakwe
a ke ke a lekana le bona,
kapa ba ananngwa
ka mekgabiso ya kgauta.
18 Dikgetla le mahakwe
tsona ha di sa bolelwa;
theko ya bohlale
e feta le mabenyane a bohlokwa.
19 Jwe la bohlokwa la Kushe
le ke ke la lekana le bona,
ka kgauta e hlwekisitsweng
bo ke ke ba rekwa.”
Bohlale bo tsejwa ke Modimo feela
20 “Ebe jwale bohlale bo tswa hokae?
Lehae la kutlwisiso lona le hokae?
21 Bo patetswe dibopuwa tsohle,
bo patetswe le tsona
nonyana tse fofang.
22 Timelo le lefu le tsona di re:
23 “Ke Modimo feela
ya tsebang tsela ya bona,
ke yena feela
ya tsebang habo bohlale,
24 hoba o bona pheletso tsa lefatshe,
o bona tsohle tse tlasa mahodimo.
25 Ha Modimo a nea moya
matla a wona,
le mawatle a a sehela moedi;
26 ha a ne a beela pula taelo,
lehadima le lona a le betlela tsela,
27 o ila bona bohlale, a bo hlahloba,
a bo leka, a bo ananela.
28 “Yaba o re ho motho:
ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.> ”