Jobo o lliswa ke bomadimabe ba hae
1 “Ba banyenyane ho nna
jwale ba a ntshoma,
bao bo-ntata bona
ke neng ke ba nyedisa,
ke neng nke ke ka ba disisa
mohlape le ntja tsa ka.
2 Matla a bona
a na sa nthuse ka letho,
kaha bokwakwariri
bo ne bo ba feletse.
3 Ke mekojwane ya bofuma
le sekoboto,
ba phela ka ho ja metsuntsunyane,
bosiu ba lelera mahalaopeng.
4 Ba kga bodiladilane hara dihlahla,
metso ya tshinabele ke dijo tsa bona.
5 Ba lelekwa hara batho ba bang,
ba kueletswe
jwalokaha eka ke mashodu.
6 Ba phela ka mangopeng a dikgohola,
ka madumeleng le kahara mafika;
7 ba bokolla ba le kahara dihlahla,
ba sunyame mmoho katlasa bobatsi.
8 Ke bana ba mawatla,
bo-mohloka-lebitso,
ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.
9 “Jwale ke bona ba ntlakang ka pina,
ke se ke fetohile sesomo ho bona.
10 Ba se ba nnyonya
ba bile ba nkwekwetla,
fahleho sa ka
ba se tshwela ka mathe.
11 Kahoba Modimo a mphokodisitse,
a ntshotlile,
ha ba sa itshwara
leha ba le pela ka.
12 Ka ho le letona
ba mphutuhela ka sekgakgatha,
ha ke baleha ba mpea merebele,
ba haha metero
ho nketsetsa thibella.
13 Ba tjhekile mamena tseleng ya ka,
ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka,
ba re:
14 Ba kena jwalokaha eka rako le wele,
ba subuhlellana hara masupi!
15 Matshabeho wohle
a nkwetse hodimo,
a ntlositse seriti
ka ho panya ha ntshi,
maruo a ka a fedile sa mouwane.
16 “Moya wa ka
o qhashoha kahare ho nna,
matsatsi a ho hlokofatswa
a mphihletse;
17 ke lala ke tjhobelwa
ke masapo bosiu,
bohloko bo nkokonang
ha bo mphe sebaka.
18 Matla a bohloko ba ka
a senya aparo tsa ka,
a nkgama jwaloka molala
wa hempe ya ka.
19 Modimo o nkakgetse kahara seretse,
ke se ke tshwana le lerole
le wona molora.
20 “Ke ipiletsa ho wena, Modimo,
empa ha o nkarabe;
ke ema kapela hao,
empa o ntadima feela!
21 O mphuthuhela o se na mohau,
tsoho la hao le matla
le a ntwantsha.
22 O mphahamisetsa hodimo, moyeng,
ka sefefo
o nkakgoletse kwana le kwana.
23 Ke a tseba hoba
o tla nkisa lefung,
tlung e kgethetsweng bohle,
bohle ba phelang.
24 “Ha ke re ya shwang
o otlolla letsoho la hae,
ha a llela thuso tlokotsing ya hae?
25 Na ha ke a ka ka llela
ba ditsietsing?
Moya wa ka ha o a utlwela
ba maswabing bohloko?
26 Ha ke ne ke lebeletse molemo,
ka tlelwa ke bobe;
ha ke ne ke lebeletse lesedi,
ka tlelwa ke lefifi.
27 Mala a ka a a qhuqhuma,
a hloka phomolo,
matsatsi a ditlokotsi
a tobane le nna.
28 Ke tsamaya ke nyahame pelo,
ho se na lesedi;
ke ema hara mokgopi
ho ikopela thuso.
29 Ke se ke fetohile
ngwanabo phokojwe,
ke molekane wa madinyane a mpshe.
30 Tlalo la ka le letsho
ke ho kgakgapheha,
masapo a ka a a tjhesa
ke ho opelwa.
31 Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla,
melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.”