Phoofolo tse hlaha di laolwa ke mang?
1 “Na o tseba nako ya ho tswala
ha podi ya naha?
Na o kila bona kgama
ha e phatla, e tswala?
2 Na o ko bale kgwedi
tsa kemaro ya tsona?
Kapa o tsebe tsatsi
la ho tswala ha tsona?
3 Di botha fatshe,
di tswale manamane a tsona,
bohloko ba ho tswala
ebe bo fedile.
4 Manamane a tsona a holela naheng,
ha a sa shahlile
ebe a lahla mohlape.
5 “Tonki e hlaha
e neilwe bolokolohi ke mang?
Meja e ne e kgatile
e lokolotswe ke mang?
6 Ke e abetse lehwatata
hore e phele ho lona,
masabasaba a lenyekethe
e be bodulo ba yona.
7 Lehesheheshe la metse
e etsa metlae ka lona,
mehoo ya moqhobi
ha e fihle tsebeng tsa yona.
8 E alohela thabeng
ho ya tsoma lekgulo,
e nyakurele kahohle
ho batla ho hotalana.
9 “Na nare e ka thapa,
ya eba pelesa ya hao?
Kapa ya robala e bothile
pela sejelo sa hao?
10 Na o ka e pana mohomeng
hore e o lemele?
Makwete ya a phophotha
e o setse morao?
11 Na o ka e tshepa
ka baka la matla a yona?
Wa e tshepela ho phetha
mesebetsi ya hao e boima?
12 Na o ka e tshepela
ho pola mabele a hao,
le ho a thothela hae
ha a le otlong sa hao?
13 “Mapheo a dimpshe
a phuphusela ka thabo,
empa e ke ke ya fofa
jwaloka mokotatsie.
14 Mpshe e behela
mahe a yona mobung,
e a tlohelle teng
ho alangwa ke lehlabathe.
15 Ha e elellwe hore leoto
le ka a bjaratsa,
kapa sebatana
sa a hatakela hodimo.
16 E sotla madinyane a yona
jwalokaha eka hase a yona,
ha e tsotelle letho,
leha eba e tswaletse lelea,
17 hobane yona
Modimo o ila e tima bohlale,
a se ka e tsipela
le kelello ena e pala!
18 Empa ha e thathalatsa mapheo
ho matha,
e a keketeha
ha e bona pere le mopalami!
19 “Na pere matla e a filwe ke wena,
molala wa o kgabisa
ka moetse o maebeebe?
20 Na o ka tseba
ho e qotomisa sa tsie,
wa e kgorohlisa ka dinko
ho tshosa batho?
21 E tila fatshe ka kgohlong,
e thabetse matla,
e itukubetse kahara marumo
sa motswelantweng
22 Pere e tsheha tshabo,
ha ho letho le e tshosang;
ha e ke e furalla
ke ho tshaba sabole.
23 Kgopong tsa yona
ho shohlomana kgohlopo,
ho bile ho tsekema marumo
le ditsenene!
24 E koma mobu ka bohale
le ka mabifi,
leha ho letswa lenaka
ho tila ha e ho kgaotse.
25 Ha naka le lla
e a howa, e re:
E dupa monko wa ntwa
e sa le hole!
E dupe mehoo ya balaodi
le mekgosi ya ntwa.
26 “Na ke ka bohlale ba hao
phakwe e tsebang ho fofa,
e thathalatsang mapheo,
ebe e leba borwa?
27 Na ke ka taelo ya hao
ntsu e tsebang ho fofa,
e hahang hlaha sa yona
hodimo tsullung?
28 E phela dilomong,
bosiu e lala hona teng,
qhobosheane ya yona e ka lefarung.
29 Diselo e di tsoma
e dutse hona moo,
mahlo a yona
a di bona di le hole.
30 Madinyane a yona
a phela ka ho nwa madi,
kamehla yona e fumanwa
hara dififi.”