1 “Na ka selope
kganyapa o ka e tshwasa,
kapa ka kgwele
leleme la yona wa le tlama?
2 Na o ka e kenya kgwathatha
ka nkong?
Kapa mohlaare wa yona
wa o hlaba ka moutlwa?
3 Na e tla rapela
hore o e rekolohele,
kapa e bue ka bonolo,
e nne e o qekise?
4 Na e tla etsa tumellano le wena,
hore e be kgoba la hao
kamehla yohle?
5 O tla e bapadisa
sa ha o bapadisa nonyana,
kapa o e holehele
bananyana ba hao?
6 Na bahwebi ba heno
ba tla e tsekisana ka theko,
kapa ba e arolele bareki?
7 Na ka dikwebe
tlalo la yona o ka le phunya,
kapa ka tsenene
hlooho ya yona o ka e hlaba?
8 Ako e ame ka letsoho la hao!
Ntwa e tla ba ya kgumamela;
o ke ke be wa hlola o pheta hape!
9 “Tshepo ya ho e hlola
ke lefeelafeelane,
motho ha a e bona
pelo ya hae e a nyahama.
10 Ha ho na ya sebete se lekaneng
ho e qholotsa;
ebe jwale ke ofe
ya ka thulanang le nna, Modimo?
11 Ya ntsekisang molato ke ofe,
ke tsebe ho mo lefela?
Ditsohletsohle tlasa lehodimo
ke tsa ka.
12 “Ha nka ke ka tlohela
ho bua ka ditho tsa kganyapa,
ka matla a yona
le bopeho se kgahlehang sa yona.
13 Bokantle ba tlalo la yona
bo ka ebolwa ke mang?
Ya ka atamelang ke mang,
a e kenya tomo hanong?
14 Ya ka itetang sefuba
ho e ahlamisa mehlaare ke mang?
Meno a yona a dikwetsepe
a a tshabeha!
15 Mokokotlo wa yona
o kwahetswe ke makgekgebu,
makgekgebu a momahaneng
eka a manamisitswe ka boka;
16 a momahane haholo,
moya o ke ke wa tswa
pakeng tsa wona.
17 A kopantswe hathatathata,
a momahane hoo
a ke keng a arohanngwa.
18 Ha e thimola,
ka nkong tsa yona ho tswa lesedi;
mahlo a yona eka mahlasedi
ha mafube a hlaha.
19 Malakabe a tlola
ka molomong wa yona,
tlhase di betseha
seka motjhotjhonono.
20 Mosi o foqoha ka nkong tsa yona,
jwaloka mosi ha pitsa
e mollong wa ditlhaka e bela.
21 Moya wa yona
o butswela mashala a hlene,
malakabe a tlole
ka hanong la yona.
22 Molala wa kganyapa o shidikane,
ba e bonang
ba phakgasela ke tshabo.
23 Maphutha a tlalo la yona
a momahane, a sataletse,
a ke ke a sisinyeha.
24 Bothata ba pelo ya yona
ekare ba lejwe,
bothata ba yona
bo tshwana le ba lwala la moralla.
25 Ha e soballa
natla di a phakgasela,
di suthe kapele ho yona ke tshabo.
26 Kahodima yona ho kuba sabole,
ho kube lerumo, le motsu,
le yona tsenene!
27 Ho yona tshepe e tshwana
le setoroi feela,
lethose le tshwana
le patsi e bodile.
28 Ha e balehiswe ke metsu e betswa,
majwe a letjeketjane
a ka mmoko ho yona.
29 Ho yona koto e tshwana
le setoroi feela,
ho shohlomana ha marumo
ho a e keketehisa.
30 Mpa e makgekgebu
a thata sa mangetana,
e siya mohlala
jwaloka selei se hulwa seretseng.
31 E tsapodisa madiba
jwaloka pitsa e bela,
lewatle le bele
sa pitsa e phehile mafura.
32 Tseleng e siya mophula
wa metsi a benyang lekweba,
o ka re moriri o moputswa
o metse lewatleng.
33 Fatsheng lohle
kganyapa ke torobela,
ke bopuwa
se sa bopellwang le tshabo.
34 Tsohle tse mabela
e di shebela maotong,
ke kgosi ya batana tsohle
tse ikakasang.”