Tsela ya ba lokileng le tsela ya ba kgopo
1 Ho lehlohonolo motho
ya sa lateleng dikeletso
tsa ba kgopo,
ya sa tsamayeng
tseleng ya baetsadibe,
ya sa duleng mokgatlong wa basomi;
2 a mpa a thabela Molao wa Morena,
Molao oo a o nahana
motsheare le bosiu.
3 Eo o jwaloka sefate se hlomilweng
pela metsi a nwesetsang,
se behang ditholwana
ka nako ya tsona,
seo mahlaku a sona a sa poneng.
Yena o atleha ho tsohle
tseo a di etsang.
4 Ba kgopo bona ha ba jwalo;
empa ba jwaloka mmoko
o fefolwang ke moya.
5 Kahoo ba kgopo ba ke ke
ba phema kahlolo,
baetsadibe ba ke ke
ba balellwa le ba lokileng;
6 hobane Morena o tseba tsela
ya ba lokileng,
athe tsela ya ba kgopo
e isa timelong.