Motlotsuwa wa Modimo
1 Moferefere ke wa eng hara ditjhaba?
Matjhaba a rerelang
ntho tsa mafeela?
2 Dikgosi tsa lefatshe
di eme ka maoto;
babusi, ba le mmoho,
ba rera Morena
le Motlotsuwa wa hae, ba re:
3 “A re itokolleng ditlamong tsa bona,
re lahleng joko ya bona.”
4 Ya dutseng teroneng, lehodimong,
o a ba tsheha,
Morena o a ba soma.
5 Jwale o bua le bona ka kgalefo,
ka bohale ba hae o a ba tshosa, o re:
6 “Thabeng ya ka e halalelang,
thabeng ya Sione,
nna ke beile kgosi ya ka.”
7 Yona e re: “A nke ke phatlalatse
taelo ya Morena.
“O itse ho nna: kajeno ke o tswetse. 8 Nkope, ke tla o nea ditjhaba e be lefa la hao, le lefatshe ka bophara ba lona e be leruo la hao. 9 O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa.> ” 10 Jwale he, halefang, lona dikgosi; eletsehang, lona babusi ba lefatshe. 11 Sebeletsang Morena ka tshabo, le itihele maotong a hae ka thothomelo. 12 Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.