Thapelo ya hoseng
1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka makodilo.
2 Oho, Morena,
ako sekehele mantswe a ka tsebe,
o mamele mefehelo ya ka.
3 Wena kgosi ya ka le Modimo wa ka,
ako utlwe ha ke llela thuso.
Ke rapela wena Morena,
4 hoseng o utlwa sello sa ka;
hoseng ke lokisa sehlabelo,
mme ke lebella karabelo ya hao.
5 O Modimo ya sa thabeleng bokgopo;
motho e mobe
o ke ke wa mo amohela.
6 Baikgohomosi ba ke ke ba ema
pela sefahleho sa hao;
o hloile bohle
ba etsang tse sa lokang.
7 O timetsa ba leshano;
Morena o nyonya babolai
le bathetsi.
8 Empa nna nka kena tlung ya hao,
ka baka la boholo ba mohau wa hao.
Ke tla o kgumamela ka tshabo,
ka Tempeleng ya hao e halalelang.
9 Morena, ako ntataise
ka ho loka ha hao,
ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng.
Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna.
10 Melomong ya dira tsa ka
ha ho nnete e tswang,
dipelong tsa tsona di rera ho timetsa,
mmetso ya tsona
ke lebitla le ahlameng,
maleme a tsona a monate.
11 Modimo, di ahlolele
molato wa tsona,
di we ka baka la merero ya tsona.
Di leleke
ka baka la ditlolo tsa tsona tse ngata,
hobane di o teletse.
12 Empa bohle ba tshabelang ho wena
ba ke ba thabe,
bao o ba sireletsang
ba se kgaotse ho etsa ditlatse,
bohle ba ratang lebitso la hao
ba o nyakallele.
13 Ke wena Morena,
ya hlohonolofatsang ya lokileng,
o mo sireletsa ka mohau wa hao
jwalokaha eka ke thebe.