Thapelo ya motho ya tsietsing
1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele, le ka seletsa se kgwele tse robedi.
2 Oho, Morena,
o se ke wa nkotla o nkgalefetse,
o se ke wa nkgalemela o le bohale.
3 Nkgauhele Morena,
hobane ke feletswe ke matla;
mphodise Morena,
hobane ke opelwa ke masapo,
4 mme ke sarelwa haholo.
Empa wena Morena,
o tla dieha ho fihlela neng?
5 Kgutla Morena, o nnamolele,
o mpholose
ka baka la mohau wa hao.
6 Bafu ba ke ke ba o hopola;
ke mang ya ka o tlotlisang
Nqalong ya Bafu?
7 Ke kgathetse ke ho nna ke fehelwa;
ka masiu wohle ke kolobisa diphate,
ke kolobise diphate tsa ka ka meokgo,
ke tshela mosamo wa ka
ka dikgapha.
8 Mahlo a ka a motela ke maswabi,
a fifala ka baka la batubi ba ka.
9 Tlohang ho nna,
lona bohle ba kgopo,
hobane Morena o utlwile sello sa ka.
10 Morena o utlwile kopo ya ka,
Morena o amohetse thapelo ya ka.
11 Dira tsa ka tsohle
di tla hlajwa ke dihlong,
di tshohe haholo;
di tla tjhetjha,
di hlajwe ke dihlong hanghang.