Tlotla ya Modimo le boholo ba motho
1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo.
2 Morena, monga rona,
lebitso la hao le tlotleha hakaakang,
le tlotleha lefatsheng lohle!
Kganya ya hao,
e kahodimo ho mahodimo,
3 e bolelwa ka melomo ya bana
le ya masea.
O hahile qhobosheane
ho thibela dira tsa hao,
wa e haha
ho sitisa sera le moiphetetsi.
4 Ha ke boha mahodimo a hao,
mosebetsi wa diatla tsa hao,
ke boha kgwedi le dinaledi
tseo o di beileng madulong a tsona,
5 ebe motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hopolang?
Ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang?
6 O mo entse
ya katlasana ho mangeloi,
wa mo rwesa mofapahlooho,
mofapahlooho wa tlotla,
wa mo rwesa mofapahlooho,
mofapahlooho wa hlompho.
7 O mo neile puso
hodima mesebetsi ya diatla tsa hao,
wa bea tsohle katlasa maoto a hae:
8 manku le makgomo wohle,
le tsona diphoofolo tsa naha;
9 nonyana tse sepakapakeng,
le ditlhapi ka lewatleng,
le tsohle tse tsamayang ka lewatleng.
10 Morena, monga rona,
lebitso la hao le a tlotleha,
le tlotleha hakaakang
lefatsheng lohle!