DIPESALEMA 9

Ho leboha Modimo ka baka la toka ya hae

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane.

2 Morena, ke o boka

ka pelo ya ka yohle,

ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.

3 Ke a o thabela,

ke nyakallela ho wena;

ke roka lebitso la hao,

wena Ya Hodimodimo.

4 Dira tsa ka di tjhetjhile ka santhao,

di kgopilwe, tsa timela ha o hlaha,

5 hobane o emetse nyewe ya ka

le ditokelo tsa ka,

o dutse teroneng ya hao

o le moahlodi ya lokileng.

6 O kgalemetse ditjhaba,

wa timetsa ba kgopo,

mabitso a bona wa a hlakolela ruri.

7 Dira di ripitletswe ruri;

metse ya tsona o e fetotse masupi,

ha e sa tla hlola e hopolwa.

8 Empa Morena o busa kamehla,

terone ya hae o e theetse ho ahlola.

9 O ahlola lefatshe ka toka,

ditjhaba o di ahlola a se na leeme.

10 Morena e ke e be qhobosheane

ya ba hatellwang,

qhobosheane

nakong ya matshwenyeho.

11 Ba tsebang lebitso la hao

ba ke ba o tshepe,

ba o tshepe hobane wena Morena,

o ke ke wa furalla ba o batlang.

12 Rokang Morena ya busang Sione,

phatlalatsang diketso tsa hae,

le di phatlalatse hara ditjhaba,

13 hobane ya phetetsang madi

o hopola bahlophehi,

ha a lebale sello sa bona.

14 Nkgauhele Morena,

tadima kamoo

ke hlophehileng kateng,

ke hlophehile

ka baka la ba ntlhoileng,

wena ya nnyolotseng kgorong

ya motse wa bafu,

15 e le hore

ke tle ke bolele dithoko tsa hao,

ke di bolele

kgorong ya motse wa Sione,

mme ke nyakalle

hobane o mpholositse.

16 Ditjhaba di wetse lemeneng

leo di le tjhekileng,

maoto a tsona a tshwasitswe

ke leraba leo di le tjhehileng.

17 Morena o itsebahaditse,

o phethahaditse kahlolo,

ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi,

mesebetsi ya diatla tsa bona.

18 Ba kgopo ba ikela Nqalong ya Bafu:

tjhaba tsohle

tse sa reng letho ka Modimo.

19 Mafutsana a ke ke a leballwa ruri,

tshepo ya bahlophehi

e ke ke ya fetoha lefeela.

20 Thusa, Morena!

Motho a se ke a kgantsha matla,

ditjhaba di ahlolwe kapela hao.

21 Di kenye letswalo, Morena;

ditjhaba di ke di tsebe

hore e ntse e le batho feela.