Ho tshepa Morena
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
Ke tshabela ho Morena.
Keng ha le re ho nna:
“Balehela thabeng
jwaloka nonyana?”
2 Ba kgopo ba se ba hula
diqha tsa bona,
ba kgwesa metsu ya bona,
ba e kgwesa ba le lefifing
ho fula ba pelo di ntle.
3 Ha metheo e se e heleditswe,
ya lokileng a ka etsa eng?
4 Morena o ka tempeleng ya hae
e halalelang,
terone ya Morena e mahodimong.
Mahlo a hae a bona bana ba batho,
o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.
5 Morena o hlahloba
ya lokileng le ya kgopo,
ya sehloho yena o mo hloile.
6 Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala,
mashala a hlenneng le sebabole,
kabelo ya bona
e tla ba moya o tukang.
7 Morena o lokile,
mme o rata tse lokileng;
ba pelo di ntle
ba tla bona fahleho sa hae.