Ho tshepa Morena
1 Pesalema ya Davida.
Ako mpaballe Modimo,
hobane ke tshabela ho wena.
2 Ke re ho Morena:
“Ke wena Morena wa ka,
ha ke na lehlohonolo
ntle ho wena.”
3 Ha e le medimo ya bohata
e lefatsheng,
ba kgahlwang ke yona
ba rohakehile.
4 Ba mathang kamora yona
ba ipakela mahlomola;
nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi,
esita le ho bolela mabitso a yona,
ho a bolela ka molomo wa ka.
5 Morena, ke wena lefa la ka
le mohope wa ka;
tseo ke nang le tsona
di tswa ho wena.
6 Ke sehetswe kgubung,
ruri ke thabela lefa la ka.
7 Ke tla boka Morena, moeletsi wa ka;
le bosiu pelo ya ka e a ntemosa.
8 Kamehla
ke ntse ke hopotse Morena,
hobane o ka tsohong la ka
le letona,
nke ke ka sisinngwa.
9 Kahoo pelo ya ka e thabile,
moya wa ka o nyakaletse,
le wona mmele wa ka o tla phomola,
o tla phomola o phutholohile;
10 o ke ke
wa ntlohela Nqalong ya Bafu,
o ke ke
wa lesela motshepuwa wa hao,
wa mo lesella ho bolla lebitleng.
11 O tla mpontsha tsela ya bophelo;
thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng.