DIPESALEMA 21

Thapelo e lebohelang kgosi

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Kgosi e thabela

matla a hao Morena,

e nyakallela

thuso ya hao hakaakang!

3 O e neile se ratwang

ke pelo ya yona,

ha o a ka wa e hanela kopo

e tswang molomong wa yona.

4 O kgahlanyeditse kgosi

ka mahlohonolo,

wa e rwesa mofapahlooho

wa kgauta e hlwekisitsweng.

5 E kopile bophelo ho wena,

mme o e file bona,

wa e ekeletsa ditshiu,

kamehla le mehla.

6 Tlotla ya yona e kgolo

ka thuso ya hao,

o e apesitse kganya le hlompho.

7 O e neile mahlohonolo ho isa kgale,

wa e thabisa haholo

ka boteng ba hao.

8 Kgosi e tshepile Morena,

ka baka la mohau

wa Ya Hodimodimo,

e ke ke ya sisinngwa.

9 Letsoho la hao, kgosi,

le tla fihlela dira tsohle tsa hao,

letsoho la hao le letona

le tla fihlela bohle,

bohle ba o hloileng;

10 hang ha o hlaha, o tla ba fedisa;

o ba fedise

eka ba ka seboping sa mollo.

Morena o tla ba metsa ha a halefile,

mollo o ba tjhese.

11 O tla hlakola

bana ba bona lefatsheng,

le ditloholo tsa bona

hara bana ba batho.

12 Ha ba rera ho o etsetsa bobe,

ha ba loha mano,

ba ke ke ba atleha;

13 o tla etsa hore ba o supe ka direthe,

o hule seqha sa hao ho ba fula.

14 Thusa, Morena, ka matla a hao!

Re tla bina, re roke bonatla ba hao.