DIPESALEMA 22

Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?

1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.

2 Modimo wa ka, Modimo wa ka,

o ntahletseng?

O hole le ho mpholosa,

ha o utlwe ho dumaela ha ka.

3 Modimo wa ka,

ke ipiletsa le motsheare,

empa ha o nkarabe;

ke howa le bosiu, ha ke kgutse.

4 Athe wena o a halelela,

wena eo Iseraele

a o binelang dithoko.

5 Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa;

ba o tshepa, mme wa ba namolela.

6 Ba nnile ba o llela,

mme ba phonyoha;

ba o tshepa,

mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.

7 Empa nna ke seboko, ha ke motho;

ke sekgobo ho bohle,

ke nyediswa ke setjhaba.

8 Bohle ba mponang ba a ntshoma,

ba nnyekoletsa melomo,

ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:

9 “O tshepile Morena!

A ke a mo lopolle,

a mo pholose haeba a mo rata!”

10 Athe ke wena

ya nntshitseng popelong ya mme,

wa etsa hore mme

a ntshike sefubeng sa hae;

11 ke abetswe wena

ho tloha tswalong ya ka,

o bile Modimo wa ka

ke sa le popelong ya mme.

12 Se be hole le nna,

hobane matshwenyeho a haufi,

mme ha ho ya ka nthusang.

13 Dipohwana tse ngata di ntikile,

dipoho tsa ditonana tsa Bashane

di mpokanetse;

14 dira di mpetletse meno,

jwaloka tau tse purumang,

tse harolang.

15 Ke jwaloka metsi a tsholohang,

masapo a ka a tswenehile;

pelo ya ka e jwaloka tshotso,

e qhibidiha ka sefubeng sa ka;

16 mmetso wa ka

o omeletse jwaloka lengetana,

leleme la ka

le kgomaretse mahalapeng a ka.

O nthobaditse leroleng la lefu.

17 Dintja tse ngata di ntikile,

sehlopha sa dinokwane

se ntikanetse,

tsena di ntlepotse maoto le matsoho.

18 Nka bala masapo a ka kaofela.

Batho ba ntjhebile, ba mmakaletse;

19 ba arolelana diaparo tsa ka,

ba laola aparo sa ka ka lotho.

20 Empa wena Morena,

o se be hole le nna;

wena, matla a ka,

potlakela ho nthusa.

21 Pholosa bophelo ba ka saboleng;

ke bona feela,

bo pholose marong a ntja.

22 Mpholose ditleneng tsa tau;

nna ya fokolang

mpholose nakeng tsa dinare.

23 Ke tla tumisa lebitso la hao

hara bana beso,

ke o rorise hara phutheho, ke re:

24 “Lona ba hlomphang Morena,

mo roriseng;

lona ditloholo tsohle tsa Jakobo,

mo tlotliseng;

lona ditloholo tsohle tsa Israele,

mo tshabeng.

25 “Ha a a ka a nyedisa ya hlophehileng,

leha e le ho se tsotelle

bohlophehi ba hae;

ha a a ka a mo patela fahleho sa hae,

empa o ile a utlwa ha a mo llela.”

26 Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo,

kapele ho ba o hlomphang,

ke phethe dikano tsa ka.

27 Ba eisehang ba tla ja, ba kgore,

ba batlang Morena ba tla mo rorisa;

pelo tsa bona

di ke di thabe kamehla.

28 Lefatshe ka bophara ba lona

le hopole Morena,

le ke le kgutlele ho yena;

merabe yohle ya lefatshe e itihele,

e ke e itihele maotong a hae;

29 hobane puso ke ya Morena,

mme o rena hodima ditjhaba.

30 Bohle ba nang le matla lefatsheng

ba tla itihela maotong a hae;

bohle ba fellang leroleng

ba tla mo kgumamela.

Nna ke tla phelela yena;

31 ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa.

Meloko e tlang

e tla tsebiswa Morena,

32 setjhaba se esong ho tswalwe

se tla senolelwa ho loka ha hae:

Ona ke mosebetsi wa Morena.