Thapelo ya ho ikopela tshireletso
1 Pesalema ya Davida.
Morena ke o rapela
ka moya wa ka wohle,
2 ke rapela wena Modimo wa ka.
Ke o tshepile,
ke se ke ka hlajwa ke dihlong;
dira tsa ka di se ke tsa ntsheha.
3 Bohle ba o tshepang
ha ba hlajwe ke dihlong,
dihlong di hlaba
ba sa tshepahaleng.
4 Morena, mpontshe ditsela tsa hao,
o nthute mehlala ya hao.
5 Ntsamaise nneteng ya hao,
o nthute yona,
hobane wena o Modimo
ya mpholosang;
ke o lebeletse ka matsatsi wohle,
ka baka la molemo wa hao Morena.
6 Morena, hopola lerato
le mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
7 Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao.
8 Morena o molemo, o lokile;
kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
9 Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
o ruta ba eisehang tsela ya hae.
10 Ditsela tsohle tsa Morena
ke tsa mohau le botshepehi,
ho ba bolokang selekane sa hae,
le ho ba bolokang ditemoso tsa hae.
11 Ka baka la lebitso la hao Morena,
ntshwarele molato wa ka,
hobane o moholo.
12 Haeba ho teng ya tshabang Morena,
Morena o tla mmontsha tsela,
tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.
13 Eo o tla phela ka boiketlo,
lefatshe e tla ba lefa
la ditloholo tsa hae.
14 Morena ke motswalle
wa ba mo tshabang,
o ba tsebisa selekane sa hae.
15 Mahlo a ka
a tadimile Morena kamehla,
hobane ke yena ya tshwasollang
maoto a ka lerabeng.
16 Retelehela ho nna, o nkgauhele,
hobane ke nnotshi,
mme ke hlophehile.
17 Fedisa matshwenyeho a pelo ya ka,
o nntshe makaqabetsing a ka.
18 Tadima ho hlopheha ha ka
le tsietsi ya ka,
mme o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.
19 Bona kamoo dira tsa ka
di leng ngata kateng,
le kamoo
di ntlhoileng hampe kateng.
20 Ako baballe bophelo ba ka,
o nnamolele,
ke se ke ka hlajwa ke dihlong,
kaha ke tshabela ho wena.
21 Ako ntshireletse
hobane ke hloka kodi, ke lokile;
hobane ke o lebeletse, Morena.
22 Modimo, ako lopolle Iseraele,
o mo lopolle
matshwenyehong a hae wohle.