Thapelo ya ya se nang molato
1 Pesalema ya Davida.
Nkahlolele Morena;
metsamao ya ka ha e na kodi,
ke a o tshepa, ha ke thekesele.
2 Ntlhahlobe, Morena,
o nonye maikutlo a ka,
hlahlobisisa moya wa ka
le pelo ya ka.
3 Ke hopola mohau wa hao kamehla,
ke phela ho ya ka nnete ya hao.
4 Ha ke ahisane le batho ba leshano,
ha ke kopane le baikaketsi.
5 Ke hloile mokgatlo
wa ba etsang bobe,
nke ke ka ahisana le ba kgopo.
6 Ke hlapa matsoho
ho bontsha hore ha ke na molato,
ke potapota aletare ya hao Morena,
7 ke ntse ke bina sefela sa teboho,
mme ke bolela dimakatso tsa hao.
8 Morena, ke rata ntlo
eo o ahileng ho yona,
e leng sebaka seo tlotla ya hao
e dulang ho sona.
9 O se ke wa ntimetsa
mmoho le baetsadibe,
wa fedisa bophelo ba ka
mmoho le ba bona,
bona ba ratang ho tsholla madi,
10 bao matsoho a bona
a etsang tsa bolotsana,
bao diatla tsa bona
di amohelang tjotjo.
11 Ha e le nna,
metsamao ya ka ha e na kodi;
ako ntopolle, o nkgauhele.
12 Maoto a ka a eme motsitseng;
Morena, ke tla o boka diphuthehong.