Lehlohonolo la ya lokileng le bomadimabe ba ya kgopo
1 Pesalema ya Davida; mohla a itlhantshang kapele ho Abimeleke; eo a mo tebela, yaba Davida o a itsamaela.
2 Ke tla boka Morena ka nako tsohle,
ke nne ke mo rorise kamehla.
3 Ke ithorisa ka Morena,
ba eisehang ba ke ba utlwe,
mme ba thabe.
4 A re tlotliseng Morena re le mmoho,
a re phafeng lebitso la hae,
re le phafe hammoho.
5 Ke ile ka batla Morena,
mme a nkaraba,
a ntopolla matswalong wohle a ka.
6 Ba tadimang ho yena
ba kganya kgotso,
mahlong a bona dihlong ha di yo.
7 Motho wa batho
ha a ipiletsa ho Morena,
Morena o a mo utlwa,
o mo pholosa
matshwenyehong wohle a hae.
8 Lengeloi la Morena
le sireletsa kamahohle
ba mo tshabang,
mme le a ba namolela.
9 Latswang, le utlwe
molemo wa Morena!
Ho lehlohonolo motho
ya tshabelang ho yena.
10 Tshabang Morena,
lona bahalaledi ba hae,
hobane ba mo tshabang
ha ba hloke letho.
11 Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa,
ba batlang Morena ba ke ke ba hloka,
ba ke ke ba hloka letho le molemo.
12 Tloong, bana ba ka, le mmamele,
ke tla le ruta ho tshaba Morena.
13 Ke mang wa lona
ya lakatsang ho phela,
ya ratang ho bona matsatsi a thabo?
14 Tshwara leleme la hao
le se bue tse mpe,
le molomo wa hao
o se bue leshano.
15 Furalla bobe, o etse botle;
batla kgotso, o e pheelle.
16 Morena o beile leihlo la hae
ho ba lokileng,
o sekehetse sello sa bona tsebe.
17 Sefahleho sa Morena se sosobane,
se sosobanetse ba etsang bobe,
hore a ba hlakole lefatsheng,
ba se hlole ba hopolwa.
18 Ha ba lokileng ba lla,
Morena o a ba utlwa;
o ba lopolla
matshwenyehong wohle a bona.
19 Morena o haufi
le ba feletsweng ke tshepo,
o pholosa ba meya e tetebetseng.
20 Mahlomola a ya lokileng a mangata,
empa Morena o mo lopolla
ho wona wohle.
21 O baballa masapo wohle a hae,
ha ho le le leng la wona
le tla robeha.
22 Bobe bo tla timetsa ya kgopo,
ba hloileng ya lokileng
ba tla ahlolwa.
23 Morena o lopolla bophelo
ba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.