DIPESALEMA 36

Bokgopo ba batho le mohau wa Modimo

1 Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Ya kgopo o laolwa ke sebe,

sebe se botebong ba pelo ya hae;

ho tshaba Modimo

ha ho yo ho yena.

3 Mehopolong ya hae o a ithetsa

hoo a sa boneng sebe sa hae,

hoo a sa se hloyeng.

4 Mantswe a tswang

molomong wa hae,

ke mantswe a mabe, a thetsang;

o tlohetse bohlale leha e le botle.

5 O rera bokgopo

a ntse a le phateng tsa hae,

o tsamaya tseleng e sa lokang,

ha a kgese bobe.

6 Morena, mohau wa hao

o fihla mahodimong,

botshepehi ba hao

bo fihla marung,

7 ho loka ha hao

ho jwaloka thaba tse telele,

dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba,

bodiba bo tebileng:

Morena, o pholosa motho

le yona phoofolo.

8 Modimo, mohau wa hao

ke wa bohlokwa hakaakang!

Bana ba batho ba tshabela moriting,

moriting wa mapheo a hao.

9 Ba kgora manoni a ntlo ya hao;

o ba nwesa nokaneng

ya menate ya hao.

10 Sediba sa bophelo se ho wena,

mme ka sedi la hao re bona lesedi.

11 O nne o be mohau ho ba o tsebang,

o nne o sitse ba pelo di ntle

ka ho loka ha hao.

12 Moikgohomosi

a se bee leoto pela ka,

letsoho la ya kgopo le se nteleke.

13 Ba etsang bokgopo ke bao, ba wele!

Ba dihetswe fatshe,

ba ke ke ba hlola ba tsoha.