DIPESALEMA 39

Bophelo ba motho bo feta kapele

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.

2 Ke ile ka re:

“Ke tla hlokomela metsamao ya ka,

ke tle ke se ke ka etsa sebe

ka leleme la ka;

ke tla tshwara leleme la ka

ha ya kgopo a ntse a le pela ka.”

3 Ke ne ke kgutsitse jwaloka semumu,

ke thotse;

ka baka la katleho ya hae,

bohloko ba ka ba nna ba tota,

4 pelo ya ka ya tlallana,

ha ke ntse ke fehelwa

ka tuka malakabe,

ka ba ka bua, ka re:

5 “Morena, ako ntsebise

pheletso ya ka,

le bolelele ba matsatsi a ka;

a nke ke tsebe

hore na bophelo ba ka

bo feta kapele hakaakang!

6 Bona, matsatsi a ka o a lekantse,

o a lekantse ka bophara ba seatla,

bolelele ba bophelo ba ka

hase letho mahlong a hao.

Ruri motho ya phelang ke lefeela.

7 “Motho ya tsamayang

o ka seriti feela,

maruo ao a ipokellelang wona

ke lefeela;

ha a tsebe

hore na a tla sebediswa ke mang.”

8 Jwale, Morena,

ekaba ke sa lebeletseng?

Tshepo ya ka e ho wena.

9 Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle,

se nketse sesomo ho dithoto.

10 Ke jwaloka semumu, ha ke na puo,

hobane ke wena ya sebetsang.

11 Mphemise dikotlo tsa hao,

letsoho la hao le nqetile.

12 O kgalemela motho ka ho mo otla,

ka ho mo otlela melato ya hae,

o fedisa seo a se ratang

jwalokaha eka se jewa ke tshwele.

Ruri motho ke lefeela.

13 Morena, ako utlwe thapelo ya ka,

o sekehele thapedi ya ka tsebe,

o se hane ho mamela sello sa ka.

Ke mojaki naheng ya hao,

ke mofeti jwaloka bo-ntate.

14 Se ntjamele, ke tle ke thabe,

ke eso ikele, mme ka ba siyo.