Modimo o ahlola ya sehloho
1 Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto;
2 ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.
3 O ithorisetsang ka bobe,
wena ya sehloho?
Tseba, mohau wa Modimo
ke wa kamehla yohle.
4 O ntse o rera ho timetsa ba bang,
leleme la hao le ka lehare le bohale,
wena ya etsang bolotsana.
5 O rata bobe ho ena le botle,
le leshano ho ena le nnete.
6 O rata dipuo tse timetsang,
wena ya leleme le thetsang!
7 Modimo o tla o ripitlela ruri,
a o hlwibile,
a o hotolele ntle ho tente ya hao,
a o fedise
lefatsheng la ba phelang.
8 Ba lokileng ba tla bona tsena,
mme ba tshabe;
ba tla mo tsheha, ba re:
9 “Bonang motho
ya sa etsang Modimo tshabelo sa hae,
ya itshepetseng bongata
ba maruo a hae,
ya entseng bokgopo
setshabelo sa hae.”
10 Empa nna, ka tlung ya Modimo,
ke jwaloka sefate sa mohlwaare,
fate se setalana;
ke tshepa mohau wa Modimo,
ke o tshepa kamehla le mehla.
11 Ke tla o boka kamehla
ka seo o se entseng,
ke tlotlise bitso la hao
ke le hara batshepuwa ba hao,
hobane wena o molemo.