Babusi ba kgopo ba otlwe ke Modimo
1 Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”.
2 Lona babusi, na ruri
le ahlola ka ho loka?
Na le ahlola batho ka toka?
3 Tjhe, ka dipelong tsa lona
le rera tse kgopo,
lefatsheng le etsa tse sehloho,
le di etsa ka matsoho a lona.
4 Ba kgopo ba senyehile
ho tloha popelong,
ba leshano ba kgelohile
ho tloha tswalong ya bona.
5 Mahloko a bona
a tshwana le mahloko a noha;
ba ithibile ditsebe
sa marabe ya manganga,
6 ya sa utlweng lentswe
la ya mo weweletsang,
la ya mo bobisang ka bohlale ba hae.
7 Oho, Modimo,
pshatla meno a bona,
a pshatlelle ka mahanong a bona;
oho, Morena, motsula meno,
meno a mekwetsepe a ditawana.
8 Ba ke ba nyamele
sa metsi a phallang,
ba ke ba omelle
sa jwang bo hataketsweng.
9 Ba ke ba qhididihe
sa kgofu ha e ntse e tsamaya,
ba be jwaloka sefolotsana,
sona se sa boneng letsatsi.
10 Etlare ba eso lemohe
a ba fothole sa hlabahlabane,
a ba fefole sa lehola ka kgalefo,
ka kgalefo ya hae e tukang.
11 Ya lokileng o tla thaba
ha a bona phetetso,
o tla hlatswa maoto a hae
ka madi a ba kgopo.
12 Batho ba tla re:
“Ruri, ya lokileng o newa moputso;
ruri, Modimo o teng,
o ahlola batho lefatsheng.”