Ke tshepa Modimo feela
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.
2 Ke ho Modimo feela
moo moya wa ka o ka phomolang,
pholoho ya ka e tswa ho yena.
3 Ke yena feela lefika la ka,
ke yena feela pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha.
4 Lona bohle, le tla nne le pheelle
ho rusolla motho ho fihlela neng,
leha a se a le jwaloka lerako,
rako le hlephileng,
le motero o nyehlileng?
5 Ruri ba rera ho mo diha
boemong ba hae bo phahameng,
ba thabela leshano.
Ka melomo
ba hlohonolofatsa motho,
empa ka dipelong
ba a mo rohaka.
6 Moya wa ka o phomola
ho Modimo feela,
hobane tshepo ya ka e tswa ho yena.
7 Ke yena feela lefika la ka
le pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha.
8 Pholoho ya ka
e tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka.
9 Mo tshepeng ka dinako tsohle,
mo tshepeng lona tjhaba sa heso,
mmuleleng difuba tsa lona.
Modimo ke setshabelo sa rona.
10 Bafo ke lefeela,
marena ke thetso;
sekaleng ba bobebe,
kaofela ha bona ke lefeela.
11 Se tshepeng ho hanyapetsa batho,
se ithetseng ka ho ikgapela maruo,
ka ho ikgapela maruo a ba bang;
leha maruo a lona a ka eketseha,
se beeng pelo tsa lona ho wona.
12 Modimo o buile hanngwe,
nna ka utlwa tsena tse pedi:
Matla ke a Modimo,
13 ke mohau ke wa hao, Morena;
ke wena ya putsang motho,
ho ya ka diketso tsa hae.