Ho hlolohelwa Modimo
1 Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.
2 Modimo, ke wena Modimo wa ka,
Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.
3 Ka o tadima
o le Sehalalelong sa hao,
ka boha matla a hao le tlotla ya hao.
4 Mohau wa hao o molemo
ho feta bophelo,
molomo wa ka o tla o rorisa.
5 Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,
ke phahamise matsoho a ka,
ke a phahamisetse ho wena.
6 Moya wa ka o tla kgora
jwaloka ya jang moko le mafura,
molomo wa ka o o rorise
o o rorise ka dithoko tsa thabo.
7 Ha ke ntse ke robetse ke a o hopola,
ke o nahana ka dinako tsa bosiu,
8 hobane o mothusi wa ka,
ke nyakalla moriting
wa mapheo a hao.
9 Moya wa ka o o kgomaretse,
tsoho la hao le letona
le a ntshehetsa.
10 Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka
ba tla theohela
botebong ba lefatshe;
11 ba tla bolawa ka sabole e bohale,
mme ba jewe ke diphiri.
12 Athe kgosi e tla thabela Modimo,
bohle ba ikanang ka yena
ba tla ithorisa,
empa ba leshano
ba tla thijwa melomo.