TSHENOLO 18

Ho wa ha Babilona

1 Kamorao ho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong. Le ne le ena le matla a maholo, mme tlotla ya lona ya bonesetsa lefatshe lohle.

2 La howa ka lentswe le matla, la re:

“E wele! E wele! Babilona e kgolo!

E fetohile leaho la bademona,

setshabelo sa meya yohle e ditshila,

le sa dinonyana tsohle tse ditshila,

tse hloyehang.

3 Ke hobane e nwesitse

ditjhaba tsohle jwala

ba bohale ba bohlola ba yona.

Dikgosi tsa lefatshe

di entse bohlola le yona,

mme bahwebi ba lefatshe

ba ruisitswe

ke boholo ba mouno wa yona.”

4 Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re:

“Tswang Babilona,

lona setjhaba sa ka,

esere la ba le kabelo

dibeng tsa yona,

kapa la fumana karolo

ya dikotlo tsa yona.

5 Dibe tsa yona di entse mohlomelo

o fihlang lehodimong,

mme Modimo o hopotse

makgopo a yona.

6 E etseng

jwalokaha le yona e le entse;

le e buseletse habedi

ho ya ka mesebetsi ya yona.

E qhatsetseng habedi senwelong

seo e le qhatseditseng ho sona.

7 Le e nee tlhokofatso

le mahlomola a lekanang

le boithoriso ba yona

le boithabiso ba yona

hobane ka pelong ya yona, e re:

ke le mofumahadi,

ha ke mohlolohadi,

mme ha nka ke

ka tseba mahlomola.>

8 Ka baka leo,

dikotlo tsa yona di tla e tlela,

di e tlele ka tsatsi le leng,

lefu, mahlomola, le tlala,

mme e tla tjheswa lore!

Hobane Morena Modimo

ya e ahlolang o matla.”

9 “Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona.

10 Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re:

Wena Babilona,

motse o moholo, motse o matla!

Kahlolo ya hao e phethahaditswe

ka nako ya hora feela!>

11 “Bahwebi ba lefatshe ba tla e llela, ba e hlomohele, hobane ha ho sa le ya rekang thepa ya bona:

12 thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe,

13 le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa.

14 “

o neng o di labalabela di ile;

tsohle tsa boithabiso,

tse phatsimang,

di o hlakohile;

ha o ka ke wa hlola o di fumana

le ka mohla.>

15 “Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng

16 ba tla re:

Motse o moholo,

o neng o kgabile

ka masela a matlematle,

le a perese, le a mafubedu;

o neng o kgabisitswe ka kgauta,

le ka mabenyane a bohlokwa,

le ka mahakwe a bohlokwa!

17 Empa leruo le lekaalo le fedisitswe,

la fediswa ka nako ya hora feela!>

“Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole.

18 Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re:

19 Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re:

Motse o moholo,

moo bohle,

ba neng ba ena le dikepe lewatleng,

ba ileng ba ruiswa

ke leruo la wona!

Empa o fedisitswe

ka nako ya hora feela!

20 Wena lehodimo, le lona bahalaledi,

le baapostola, le baporofeta,

thabang ke hona,

hobane Modimo o le ahloletse

ka ho ahlola motse oo!> ”

21 Jwale lengeloi le matla la nka lejwe le kang lelwalahadi, la le akgela lewatleng, la re:

“Babilona, motse o moholo,

e tla akgelwa tlase

ka sefutho se tjena,

mme ha e ka ke ya hlola

e bonwa hape.

22 Mmino wa baletsi ba diharepa,

le wa dibini,

le wa makodilo, le wa diterompeta,

ha o ka ke wa hlola

o utlwahala ha hao.

Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe

ha se ka ke sa hlola

se bonwa ha hao.

Modumo wa lelwala

ha o ka ke wa hlola

o utlwahala ha hao.

23 Lesedi la lebone

ha le ka ke la hlola

le kganya ha hao.

Lentswe la monyadi

ha le ka ke la hlola

le utlwahala ha hao.

Bahwebi ba hao

e ne e le mahosana a lefatshe,

mme ka boloi ba hao

wa thetsa ditjhaba tsohle.

24 Babilona ho fumanwe madi

a baporofeta, le a bahalaledi,

le a bohle

ba ileng ba bolawa lefatsheng.”