DIPESALEMA 66

Ditjhaba di boke Modimo

1 Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.

Etsetsang Modimo ditlatse,

lona ba lefatshe lohle,

2 mo rokeng, le tlotlise lebitso la hae,

le mo rorise

ka mokgwa o tlotlehang.

3 Ereng ho Modimo:

“Mesebetsi ya hao

e tshabeha hakaakang!

Ka baka la matla a hao a maholo,

dira tsa hao di a o qekisa.

4 Lefatshe lohle le a o kgumamela,

le a o roka,

le roka lebitso la hao.”

5 Tloong, le bohe

mesebetsi ya Modimo:

O a tshabeha diketsong tsa hae,

ketsong tsa hae ho bana ba batho.

6 O ile a apola lewatle,

ha hlaha mobu o ommeng,

batho ba tshela noka ka maoto;

ka baka leo, a re mo thabeleng.

7 Ka matla a hae o busa kamehla,

mahlo a hae a disa ditjhaba,

esere bahanyetsi ba boela ba tsoha.

8 Bokang Modimo wa rona,

lona ditjhaba,

utlwahatsang thoriso ya hae.

9 Ke yena ya re fileng bophelo,

ya sa kang a tlohela maoto a rona,

a a tlohella ho thella.

10 Modimo, o ile wa re hlahloba,

wa re hlwekisa seboping

jwaloka silefera;

11 wa re tshwasa ka letlowa,

wa re belesa mojaro o boima;

12 wa dumella batho ho re hata melala,

ra feta hara mollo le metsi;

wa ntano re kgatholla haholo.

13 Ke tla ya tlung ya hao

ke nkile setjheso,

ke o phethele dikano tsa ka,

14 tseo ke di buileng ka molomo wa ka,

ka di bolela ke le matshwenyehong.

15 Ke tla o nyehella ka ditjheso,

ka ditjheso tsa phoofolo tse nonneng,

le ka setjheso sa dipheleu,

setjheso se monko o monate,

ke o hlabele dipohwana le diphooko.

16 Tloong, le mamele,

lona bohle ba tshabang Modimo,

ke le phetele

seo a nketseditseng sona.

17 Ke ipileditse ho yena

ka molomo wa ka,

ka mo phafa ka leleme la ka.

18 Hoja ke ne ke dumella bobe

pelong ya ka,

Morena a ka be a sa nkutlwa,

19 empa Modimo o nkutlwile,

o mametse sello sa thapelo ya ka.

20 Ho bokwe Modimo,

ya sa kang a lahla thapelo ya ka,

ya sa kang a ntima mohau wa hae.