Kodi-ya-malla kamora ho senngwa ha Tempele
1 Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto.
Modimo, na o re lahletse ruri?
Keng ha o halefela mohlape,
mohlape wa makgulo a hao,
o o halefela ka bohale bo tukang?
2 Ako hopole phutheho ya hao
eo e bileng leruo la hao,
leruo la hao ho tloha kgale,
eo o e lopolotseng,
moloko oo e leng lefa la hao;
le thaba ya Sione
eo o ahileng ho yona.
3 Lebisa mehato ya hao dithakong,
dithakong tseo tsa kgale,
sera se sentse tsohle
tse ka Sehalalelong.
4 Ba o lwantshang ba puruma,
ba puruma ba le Sehalalelong sa hao,
ba hlomile mekgele ya bona,
ba e hloma e le pontsho ya tlholo.
5 Ba tshwana le ba kenang morung,
ba kenang teng ka dilepe;
6 mekgabiso yohle ya yona ya lehong,
ba e pshatlile ka dikwakwa,
ba e pshatla le ka dikoto.
7 Ba tjhesitse Sehalalelo sa hao,
ba heletsa,
ba tlontlolla Leaho la hao.
8 Ka dipelong tsa bona ba itse:
“A re ba hatakeleng
kaofela ha bona,
re tjhese dibaka tsohle tsa phutheho,
tsa phutheho ya Modimo
naheng ena.”
9 Ha re sa na pontsho
tse tswang ho Modimo,
ha ho sa le moporofeta;
hara rona ha ho le ya mong
ya tsebang hore
ho tla ba jwalo ho fihlela neng.
10 Modimo, ya o lwantshang,
o tla o nyefola ho fihlela neng?
Na sera se tla o nyedisa,
se nyedise lebitso la hao kamehla?
11 O sa tshwaretseng
letsoho la hao?
O patetseng
letsoho la hao le letona,
wa le pata sefubeng sa hao?
12 Athe Modimo, o kgosi ya ka
ho tloha mehleng ya kgale,
wena mohlodi wa topollo lefatsheng.
13 Ke wena ya ileng a arohanya lewatle,
wa le arohanya ka matla a hao,
wa pshatla hlooho tsa dikganyapa,
wa di pshatela lewatleng.
14 wa di thuakanya dihlooho,
wa di abela ditlhapi
e be dijo tsa tsona.
15 Ke wena ya ileng a bulela didiba,
wa bulela le dinokana,
wa pshesa dinoka
tse phallang kamehla.
16 Motsheare ke wa hao,
le bosiu ke ba hao;
kgwedi le letsatsi o di beile,
wa di bea madulong a tsona.
17 Ke wena ya ileng a seha meedi,
wa seha meedi yohle ya lefatshe,
lehlabula le mariha
di entswe ke wena.
18 Morena, ako hopole
kamoo sera se o nyefolang kateng,
kamoo setjhaba sa dithoto
se nyedisang lebitso la hao kateng.
19 Se neele sebata
moya wa Leeba la hao,
bophelo ba mafutsana a hao
o se bo leballe ruri.
20 Ako hopole selekane sa hao,
hobane diqhobo tsohle tsa naha
di tletse ba sehloho.
21 Ya hatellwang
a se ke a hlajwa ke dihlong,
mohlophehi le mofutsana
ba rorise lebitso la hao.
22 Tsoha Modimo, o itwanele,
hopola hore sethoto se a o nyefola,
se o nyefola ka matsatsi wohle.
23 Se lebale ho rora ha ba o lwantshang,
ho eketseha ha lerata
la ba o tsohelang matla.