Modimo ke moahlodi
1 Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Sefela.
2 Re a o boka Modimo, re a o boka,
rona ba rapelang lebitso la hao,
ba bolelang dimakatso tsa hao.
3 “Ka nako eo ke e beileng,”
ho rialo Modimo,
“ke nna ya tla ahlola ka ho loka.
4 Leha lefatshe le ka thothomela
le bohle ba ahileng ho lona,
ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.
5 Ke itse ho baikakasi:
ho ba kgopo ka re:
6 le se ke la kgantsha matla hakaalo, kapa la bua le sataladitse melala.> ” 7 Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng. 8 Ke Modimo ya ahlolang: O kokobetsa e mong, a phahamise e mong. 9 Ka letsohong Morena o tshwere mohope o phophomang veine e lomosehileng. O qhatsetsa bohle ba kgopo ba lefatshe; ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa. 10 Empa nna ke tla mo fapha kamehla, ke roke Modimo wa Jakobo. 11 O tla fedisa matla wohle a ba kgopo, mme ba lokileng ba tla matlafala.