DIPESALEMA 82

Modimo o ahlola baahlodi ba sa lokang

1 Pesalema ya Asafo.

Modimo o dutse lekgotleng

la bomodimo,

o ahlola a le hara baahlodi.

2 O re: “Le tla ahlola

ho fihlela neng,

le ntse le ahlola hampe,

le nne le emele ba kgopo?

3 Ahlolelang mofokodi ka toka,

ahlolelang le kgutsana ka toka;

etsetsang mohlophehi toka,

le mohloki le mo etsetse yona.

4 Lopollang mofokodi le mofutsana,

le ba namolele matsohong

a ba kgopo.”

5 Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso,

ba itsamaela lefifing,

ba sisinya metheo ya toka.

6 Ke ile ka re: “Le medimo,

lona bohle

le bana ba Ya Hodimodimo;

7 empa le tla shwa jwaloka batho,

le we jwaloka kgosana efe kapa efe.”

8 Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe,

hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao.