DIPESALEMA 84

Ho hlolohela ntlo ya Modimo

1 Pesalema ya bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka setolotolo.

2 Meaho ya hao e rateha hakaakang,

wena Morena wa mabotho!

3 Moya wa ka o motela ke ho hlolohela

mabala a ntlo ya Morena;

pelo ya ka le mmele wa ka

di etsetsa Modimo ya phelang ditlatse.

4 Esitana le serobele

se iphumanela leaho,

le lefokotsane le iphumanela sehlaha,

moo le beang madinyane a lona teng,

haufi le dialetare tsa hao,

wena, Morena wa mabotho,

kgosi ya ka, le Modimo wa ka.

5 Ho lehlohonolo

ba phelang tlung ya hao,

ba sa kgaotseng ho o rorisa.

6 Ho lehlohonolo

batho bao wena o leng matla a bona,

ba thabelang maeto a ho ya rapela.

7 Ha ba feta kgohlong e omeletseng,

e fetoha didiba;

le yona pula ya selemo

e e apesa ka mahlohonolo.

8 Ba ntse ba matlafala ho ya pele,

ha ba itlhahisa ho Modimo, Sione.

9 Oho, Morena Modimo wa mabotho,

ako utlwe thapelo ya ka,

o ntshekehele tsebe,

Modimo wa Jakobo.

10 Modimo, wena thebe ya rona,

ako tadime, o bone sefahleho,

fahleho sa motlotsuwa wa hao.

11 Letsatsi le le leng

le hlolwang mabaleng a hao,

le molemo ho feta a sekete

a hlolwang hosele.

Ke rata ho ba monyako

wa ntlo ya Modimo wa ka,

ho ena le ho phela

metlotlwaneng ya ba kgopo.

12 Morena Modimo ke qhobosheane,

ke thebe ya rona,

o fana ka mohau le tlotla;

ha ho letho le molemo

leo Morena a ka le timang

ba metsamao e hlwekileng.

13 Morena wa mabotho,

ho lehlohonolo motho ya o tshepang.