DIPESALEMA 86

Thapelo ya ho ikopela thuso

1 Thapelo ya Davida.

Morena, ako ntshekehele tsebe,

o nkarabe,

hobane ke hlophehile,

ke futsanehile.

2 Ako baballe bophelo ba ka,

hobane ke motshepuwa wa hao,

pholosa mohlanka wa hao

ya o tshepang.

3 Ke wena Modimo wa ka,

nkgauhele, Morena,

ke ipiletsa ho wena kamehla.

4 Ako thabise mohlanka wa hao;

ke o rapela

ka moya wa ka wohle, Morena.

5 Wena Morena, o molemo,

o a tshwarela;

mohau wa hao o moholo

ho bohle ba ipiletsang ho wena.

6 Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe,

o mamele sello sa thapedi ya ka.

7 Ha ke le matshwenyehong

ke ipiletsa ho wena,

mme wena o a nkaraba.

8 Morena, ha ho ya tshwanang le wena,

ya tshwanang le wena hara medimo,

ha ho mesebetsi e kang ya hao.

9 Tjhaba tsohle tseo o di bopileng

di tla tla,

di itihele maotong a hao Morena,

di tlotlise lebitso la hao;

10 hobane o moholo, o etsa dimakatso,

ke wena Modimo o inotshi.

11 Nthute tsela ya hao Morena,

ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;

tataisetsa pelo ya ka

tshabong ya lebitso la hao.

12 Morena, Modimo wa ka,

ke tla o boka ka pelo ya ka yohle,

ke tlotlise lebitso la hao

kamehla yohle.

13 Ho nna mohau wa hao o moholo,

ke wena ya ntopolotseng

botebong ba Nqalo ya Bafu.

14 Modimo,

baikakasi ba ntsohetse matla,

sehlopha sa ba sehloho

se batla bophelo ba ka,

ha ba na taba le wena.

15 Empa wena Morena, o Modimo

o na le kutlwelobohloko le mosa,

o dieha ho halefa,

o tletse mohau le botshepehi.

16 Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele;

matlafatsa mohlanka wa hao,

o pholose mora

wa lekgabunyane la hao.

17 Bonahatsa molemo wa hao ho nna,

ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong,

ha ba bona hore wena Morena,

o mothusi wa ka

le motshedisi wa ka.