DIPESALEMA 89

Ditshepiso tsa Modimo ho Davida

1 Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto.

2 Ke tla bina tsa mohau wa Morena,

ke di bine kamehla,

ka molomo wa ka ke tla tsebisa

meloko yohle botshepehi ba hao;

3 hobane o itse:

“Mohau wa ka

o hlola kamehla yohle,

botshepehi ba ka

bo theilwe mahodimong.

4 “Ke entse selekane

le mokgethwa wa ka,

ke hlapanyeditse Davida,

mohlanka wa ka, ka re:

5

le hlole kamehla yohle,

ke tiise terone ya hao

melokong yohle.> ”

6 Morena, mahodimo a a boka,

a boka dimakatso tsa hao,

a bolela botshepehi ba hao

phuthehong ya bahalaledi.

7 Ke mang, mahodimong,

ya ka lekanngwang le Morena?

Ke mang ya tshwanang le Morena,

hara bara ba Modimo?

8 Phuthehong ya bahalaledi

Modimo o tshajwa haholo,

o hlomphuwa haholo

ke bohle ba mo teetseng hare.

9 Morena, Modimo wa mabotho,

ke mang ya kang wena?

Morena, wena ya matla,

botshepehi ba hao ke kobo ya hao.

10 Ke wena

ya busang lewatle le befileng,

ke wena

ya kgutsisang maqhubu a bilohang.

11 Ke wena

ya qhemeditseng Rahaba,

wa moqhemetsa jwaloka setopo,

ka tsoho la hao le matla

o qhalakantse dira tsa hao.

12 Mahodimo ke a hao,

le lefatshe ke la hao;

lefatshe le tsohle tse ho lona

ke wena ya di theileng.

13 Leboya le borwa

ke wena ya di hlodileng,

Tabore le Heremone

di etsetsa lebitso la hao ditlatse.

14 O sefea, letsoho la hao le matla;

letsoho la hao le letona le phahame.

15 Ho loka le toka

ke motheo wa terone ya hao,

mohau le botshepehi

di o eteletse pele.

16 Ho lehlohonolo setjhaba

se tsebang ho etsa mehoo ya thabo,

se tsamayang kganyeng

ya sefahleho sa hao, Morena,

17 se thabelang lebitso la hao kamehla,

se phahamiswang

ka baka la ho loka ha hao.

18 Ke wena matla

ao se ithorisang ka wona,

o re tsosa molota

ka ho rata ha hao.

19 Thebe ya rona ke ya Morena,

kgosi ya rona

ke ya Ya Halalelang wa Iseraele.

20 Wa na wa bua le batshepuwa ba hao,

wa bua le bona ka pono, wa re:

“Ke thusitse mohale,

ka phahamisa ya kgethilweng,

ya kgethilweng hara setjhaba.

21 Ke fumane Davida,

mohlanka wa ka,

ka mo tlotsa

ka ole ya ka e halalelang.

22 Seatla sa ka se tla mo tshehetsa,

letsoho la ka le mo matlafatse.

23 Ha ho sera se tla mo tsometsa,

le ya kgopo a ke ke a mo hlola.

24 Ba mo lwantshang

ke tla ba ripitla mahlong a hae,

ke fenye ba mo hloileng.

25 Botshepehi ba ka le mohau wa ka

di tla ba le yena,

ka lebitso la ka o tla tsoha molota.

26 Ke tla namisa mmuso wa hae

ho ya fihla Lewatleng,

le puso ya hae ho ya fihla dinokeng.

27 O tla re ho nna:

wena Modimo wa ka,

lefika le mpholosang.>

28 Nna ke tla mo etsa letsibolo,

a phahamele dikgosi tsohle,

kgosi tsa lefatshe.

29 Ke tla mo hauhela kamehla,

selekane sa rona le yena

e tla ba se tiileng.

30 Ke tla etsa hore leloko la hae

le hlole kamehla yohle,

le terone ya hae e be teng

ha mahodimo a ntse a le teng.

31 “Haeba bara ba hae

ba furalla Molao wa ka,

ba sa latele dikahlolo tsa ka;

32 ha ba tlola ditaelo tsa ka,

ba sa boloke melao ya ka;

33 ke tla ba kgalemella ditlolo tsa bona,

ke ba kgalemelle tsona ka thupa,

le melato ya bona ka phafa.

34 Feela Davida nke ke ka mo amoha,

ka mo amoha mohau wa ka,

ka kweneha botshepehing ba ka.

35 Nke ke ka kwenehela selekane sa ka;

seo ke se buileng

nke ke ka se fetohela.

36 Ke hlapantse hanngwe feela

ka lebitso la ka le halalelang:

Ha nka ke ka thetsa Davida.

37 Leloko la hae le tla hlola kamehla,

terone ya hae e be teng

ha letsatsi le ntse le le pela ka;

38 e hlole kamehla jwaloka kgwedi,

paki eo e tshepahalang

e mahodimong.”

39 Leha ho le jwalo,

o halefetse motlotsuwa wa hao,

wa mo lahla, wa mo nyedisa.

40 O hlakotse selekane sa hao

le mohlanka wa hao,

wa silafatsa mofapahlooho wa hae,

wa o silafatsa leroleng.

41 O dihile metero yohle ya hae,

metse ya hae e haheleditsweng

wa e fetola masupi.

42 Bo-mofetakatsela bohle

ba mo hapetse tsa hae,

a fetoha sesomo

ho bao a ahisaneng le bona.

43 O matlafaditse matsoho

a ba mo lwantshang,

wa thabisa dira tsohle tsa hae.

44 O thithibantse bohale

ba sabole ya hae,

wa se ke wa mo tshehetsa ntweng.

45 O mo amohile lere la puso,

wa dihela terone ya hae fatshe.

46 O kgutsufaditse matsatsi,

matsatsi a botjha ba hae,

wa etsa hore a aparelwe ke dihlong.

47 Morena, o tla ipata ho fihlela neng?

Kgalefo ya hao

e tla tuka, e tuke jwaloka mollo

ho fihlela neng?

48 Morena, ako hopole

bokgutshwanyane ba bophelo,

hopola hore batho bohle

o ba bopetse lefeela.

49 Na motho o teng ya ka phelang,

mme a se ke a shwa,

ya ka itopollang

matleng a Nqalo ya Bafu?

50 Morena, o kae mohau wa hao,

mohau wa hao wa pele,

oo ka botshepehi ba hao

o o hlapanyeditseng Davida?

51 Ako hopole ho hlapaolwa

ha bahlanka ba hao, Morena!

Ke jere dinyediso tse ngata

tsa ditjhaba ka sefubeng sa ka.

52 Morena, dira tsa hao di re hlapaotse,

di setse motlotsuwa wa hao morao

di ntse di mo hlapaola.

53 Ho bokwe Morena kamehla yohle!

Amen. Amen.