DIPESALEMA 94

Modimo o a phetetsa

1 Morena,

wena Modimo ya phetetsang,

ako iponahatse,

wena Modimo ya phetetsang.

2 Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe,

o nee baikgohomosi

moputso wa bona.

3 Ba kgopo ba tla thaba

ho fihlela neng?

E tla ba ho fihlela neng, Morena?

4 Ba a hehla, ba bua ka boikakaso,

bohle ba kgopo ba a ithorisa.

5 Morena, ba hatakela setjhaba sa hao,

ba hatella bao e leng lefa la hao.

6 Ba fenetha mohlolohadi le mojaki,

ba bolaya le dikgutsana.

7 Ba re: “Morena ha a bone,

Modimo wa Jakobo ha a lemohe.”

8 Utlwisisang,

lona setjhaba sa mawatla;

dithoto ting! le tla hlalefa neng?

9 Na ya entseng tsebe

a ke ke a utlwa?

Ya bopileng leihlo

na a ke ke a bona?

10 Na yena ya kgalemelang ditjhaba

a ke ke a di otla,

yena ya rutang batho bohlale?

11 Morena o tseba mehopolo ya motho,

o a tseba hore ke lefeela.

12 Morena, ho lehlohonolo motho

eo o mo kgalemelang,

eo o mo rutang ka Molao wa hao,

13 hore o tle o mo kgatholle,

o mo kgatholle matsatsing a mabe,

ha ba kgopo bona

ba tjhekelwa lemena.

14 Morena a ke ke a furalla

tjhaba sa hae,

a ke ke a lahla

bao e leng lefa la hae.

15 Dikahlolo

di tla boela di etswa ka toka,

bohle ba pelo di ntle ba tla e latela.

16 Ke mang ya tla ntshireletsa

ho ba kgopo?

Ke mang ya tla mpuella

ho ba bolotsana?

17 Hoja Morena a se ke a nthusa,

nka be ke se ke robetse lebitleng.

18 Moo ke reng:

“Leoto la ka le a thella,”

mohau wa hao

o a ntshehetsa, Morena.

19 Ha pelo ya ka e touta haholo,

matshediso a hao

a hlabolla moya wa ka.

20 Na o ka ba le kopano le baahlodi,

baahlodi ba kgopo,

ba fetolang bobe molao?

21 Ba ikopanya mmoho

ho fedisa bophelo ba ya lokileng,

ba ahlolela ya se nang molato lefu.

22 Empa Morena

ke qhohosheane ya ka,

Modimo wa ka ke lefika

leo ke tshabelang ho lona.

23 O tla ba buseletsa bokgopo ba bona,

a ba timetse

ka baka la bobe ba bona.

Morena Modimo wa rona,

o tla ba timetsa.