DIPESALEMA 98

Morena ke moahlodi wa lefatshe

1 Pesalema.

Binelang Morena sefela se setjha,

hobane o entse dimakatso,

o hlotse ka letsoho la hae le letona,

letsoho la hae le halalelang.

2 Morena o bonahaditse

ho pholosa ha hae,

a bontsha ditjhaba ho loka ha hae.

3 O hopotse mohau wa hae

le botshepehi ba hae

ho ba ntlo ya Iseraele.

Dipheletso tsohle tsa lefatshe

di bone ho pholosa

ha Modimo wa rona.

4 Lona ba lefatshe lohle

etsetsang Morena mehoo ya thabo,

le tsanyaole, le mo roke ka thabo.

5 Rokang Morena ka harepa,

ka harepa le ka pina e monate,

6 ka diterompeta

le ka modumo wa lenaka;

etsetsang kgosi, Morena, mehoo

le mo etsetse mehoo ya thabo.

7 Lewatle le ke le hwase

le tsohle tse ka ho lona,

lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.

8 Dinoka di ke di ope diatla,

dithaba kaofela di etse ditlatse

9 kapele ho Morena,

hobane o tlilo ahlola lefatshe.

O tla ahlola lefatshe ka toka,

le ditjhaba ka ho loka.