DIPESALEMA 99

Morena ke kgosi e ratang toka

1 Morena ke kgosi,

ditjhaba di a thothomela;

o dutse hodima dikerubime,

lefatshe le a reketla.

2 Morena o moholo, Sione,

o okametse ditjhaba tsohle.

3 Ho bokwe lebitso la hao le leholo,

le a tshabeha, le a halalela.

4 O kgosi e matla, e ratang toka;

ke wena ya theileng ho loka,

wa tlisetsa leloko la Jakobo

toka le ho loka.

5 Phafang Morena, Modimo wa rona,

le itihele bonamelong

ba maoto a hae:

O a halalela.

6 Moshe le Arone e ne e le

ba bang ba baprista ba hae,

Samuele e le e mong

wa ba rapelang lebitso la hae.

Ba ipiletsa ho Morena,

mme a ba araba,

7 a bua le bona a le hara leru;

ba boloka ditemoso tsa hae,

le ditaelo tseo a ba fileng tsona.

8 Morena Modimo wa rona,

o nnile wa ba araba,

wa ba Modimo ya ba tshwarelang,

ya mpang a ba otla

ka baka la bokgopo ba bona.

9 Phafang Morena Modimo wa rona,

le mo kgumamele thabeng,

thabeng ya hae e halalelang;

hobane Morena Modimo wa rona,

o a halalela.