Kgosi e buse ka toka
1 Pesalema ya Davida.
Ke tla o binela tsa mohau
le tsa toka,
ke o roke, wena Morena.
2 Ke tla tsamaya ka hloko
tseleng e lokileng;
ekaba o tla tla neng ho nna?
Ka tlung ya ka ke tla phela
ka pelo e hlwekileng,
3 nke ke ka dumella mahlo a ka
ho sheba letho le kgopo.
Ke hloile diketso tsa ba kgelohileng,
di ke ke tsa nkgomarela.
4 Nke ke ka ba le bokgopo,
ka le bona ka pelong ya ka,
ha ke rate ho tseba letho le lebe.
5 Ya etseletsang wa habo sephiring
ke tla mo timetsa,
nke ke ka mamella moikgantshi
le moikgohomosi.
6 Mahlo a ka a shebile ba tshepahalang,
ba tshepahalang, ba lefatshe lena,
ba tle ba ahisane le nna;
ya tsamayang ka tsela e lokileng
ke yena ya tla ntshebeletsa.
7 Ya sebetsang bolotsana
a ke ke a phela tlung ya ka;
ya bolelang leshano
a ke ke a ema kapele ho nna.
8 Hoseng ho hong le ho hong
ke tla timetsa bohle ba kgopo,
ba kgopo ba lefatshe lena,
ke fedise bohle ba etsang tse mpe,
ba di etsang motseng wa Morena.