Setjhaba se leboha Modimo
1 Bokang Morena, hobane o molemo;
mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.
2 Ba ke ba rialo
bao Morena a ba lopolotseng,
a ba namolela
matsohong a mohatelli;
3 a ba phutha, a ba ntsha dinaheng
tsa botjhabela le bophirimela,
tsa borwa le leboya.
4 Ba ne ba phaila lefeelleng,
ba phaila lehwatateng,
ba sa fumane tsela e yang motseng
oo ba ka ahang ho wona,
5 ba lapile, ba nyorilwe,
ba le lekgatheng la ho idibana.
6 Matshwenyehong a bona
ba ipiletsa ho Morena,
mme a ba lopolla tsietsing ya bona.
7 A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng,
a ba isa motseng
oo ba ka ahang ho wona.
8 Ba ke ba boke Morena
ka baka la mohau wa hae,
le dimakatso tsa hae
ho bana ba batho.
9 O ile a tima lenyora
la ba nyorilweng,
a kgorisa ba lapileng
ka tse molemo.
10 Ba bang ba ne ba phela
lefifing le letsholetsho,
ba tlamilwe ke ditlhopheho
le ke wona mahlaahlela,
11 hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo,
ba kgesitse keletso
ya Ya Hodimodimo.
12 A ba kokobetsa
ka mesebetsi e boima,
ba kgothometseha,
ho se ya ka ba thusang.
13 Matshwenyehong a bona
ba lla ho Morena,
mme a ba pholosa tsietsing ya bona.
14 A ba ntsha lefifing, le bodutung,
a kgaola ditlamo tsa bona.
15 Ba ke ba boke Morena
ka baka la mohau wa hae,
le dimakatso tsa hae
ho bana ba batho.
16 O ile a pshatla mamati a koporo,
a robaka mekwallo ya tshepe.
17 Ba bang ba thotofatswa
ke metsamao ya bona e kgopo,
ba hlokofatswa
ka baka la melato ya bona,
18 ba tenwa ke dijo tsohle;
ba ne ba se ba le dintshing tsa lefu.
19 Matshwenyehong a bona
ba lla ho Morena,
mme a ba pholosa tsietsing ya bona.
20 A laela, mme ba fola,
a ba phemisa lebitla.
21 Ba ke ba boke Morena
ka baka la mohau wa hae,
le dimakatso tsa hae
ho bana ba batho.
22 Ba nyehele ka mahlabelo a teboho,
ba tumise mesebetsi ya hae,
ba e tumise ka mehoo ya thabo.
23 Ba bang ba tsamaya
lewatleng ka dikepe,
ba hweba ka ho haola mawatle.
24 Le bona ba bone
mesebetsi ya Morena,
le dimakatso tsa hae madibeng.
25 A laela, ha tsoha sefefo,
sa phahamisa maqhubu a lewatle;
26 ba betsetswa hodimodimo,
ba theolelwa tlasetlase,
ba nyekelwa ke dipelo.
27 Ba tshwarwa ke modikwadikwane,
ba thekesela jwaloka matahwa,
ba timellwa ke bohlale bohle.
28 Matshwenyehong a bona
ba lla ho Morena,
mme a ba ntsha tsietsing ya bona.
29 A kgutsisa sefefo,
mme maqhubu a kgaotsa ho befa.
30 Ba thaba hobane ho kgutsitse;
a ba sesisetsa koung
eo ba neng ba leba ho yona.
31 Ba ke ba boke Morena
ka baka la mohau wa hae,
le dimakatso tsa hae
ho bana ba batho.
32 Ba mo tlotlise
phuthehong ya setjhaba,
ba mo rorise
mokgatlong wa ba baholo.
33 O ne a fetole dinoka lehwatata,
le didiba
a di fetola baka tse omeletseng.
34 Mobu o nonneng
a o fetola lenyekethe,
ka baka la bokgopo
ba baahi ba teng.
35 Lehwatata a le fetola letsha la metsi,
naha e tshehla a e fetola didiba.
36 Ba lapileng a ba ahisa ho yona,
ba thea motse oo
ba ka ahang ho wona.
37 Ba jala masimong,
ba lema morara,
kotulo ya eba kgolo.
38 A ba hlohonolofatsa,
ba ngatafala haholo,
a ba atisetsa leruo la diphoofolo.
39 Empa jwale ba qepha,
ba kokobetswa,
ka baka la ho imelwa
ke ditsietsi le mahlomola.
40 A theolela nyediso ho mahosana,
a a sollisa lehwatateng
moo ho seng tsela.
41 Empa a ntsha mafutsana
bohlophehing ba wona,
a atisa malapa a wona
jwaloka mohlape.
42 Ba pelo di ntle ba bona hoo,
mme ba thaba,
empa ba kgopo bona
ba thijwa melomo.
43 Mang le mang ya bohlale
a ke a ele tsena hloko,
a ke a utlwisise ketso tsa mohau,
mohau wa Morena.