Thapelo ya ho ikopela thuso ntweng
1 Pesalema ya Davida. Sefela.
2 Pelo ya ka e matlafetse, Modimo;
ke tla bina, ke o roke.
3 Tsoha moya wa ka,
tsohang, lona thomo le harepa;
ke tla tsoha mafube a eso hlahe.
4 Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,
ke o roke hara merabe;
5 hobane mohau wa hao o moholo,
o fihla mahodimong,
le botshepehi ba hao
bo fihla marung.
6 Modimo, ako bontshe
hore o okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.
7 Re pholose
ka letsoho la hao le letona,
o re utlwe,
baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.
8 Modimo o buile
a le sehalalelong sa hae, a re:
“Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme,
ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.
9 Gileade ke ya ka,
le Manase ke ya ka;
Efraime ke katiba ya ka ya tshepe,
Juda yena ke lere la ka la puso.
10 Moabe ke lefiso
leo ke itlhatswetsang ho lona,
Edomo ke tla e hatakela ka seeta;
Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse,
ke etse ditlatse tsa tlholo.”
11 Ke mang ya tla nkisa
motseng wa diqhobosheane?
Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,
12 ha e le moo wena Modimo,
o re lahlile,
o se o sa tswe le mabotho a rona?
13 Ako re thuse direng tsa rona;
hobane thuso ya motho ke lefeela.
14 Ka thuso ya Modimo
re tla lwana senna,
ke yena ya tla hatakela
dira tsa rona.