Moqosuwa o ipiletsa ho Modimo
1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
Modimo, wena eo ke o rorisang,
o se ke wa kgutsa,
2 hobane ba kgopo le ba leshano
ba ahlamisitse melomo
ho ntwantsha.
Ba bua le nna
ka maleme a thetsang,
3 ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo,
ba mphutuhela ntle ho lebaka.
4 Ba mpuseletsa lerato la ka,
ba mpuseletsa lona ka ho nqosa,
leha ke ntse ke ba rapella.
5 Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle,
le lehloyo bakeng sa lerato.
6 Ako bee ya kgopo
ho ahlola motho eo,
moqosi wa hae a nne a eme
ka hlakoreng la hae le letona.
7 Ha a ahlolwa
a ke a fumanwe a le molato,
thapedi ya hae e nkuwe e le sebe.
8 Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale,
e mong a ke a nke
mosebetsi wa hae.
9 Bana ba hae e ke be dikgutsana,
le mosadi wa hae e be mohlolohadi.
10 Bana ba hae ba lelere,
e be mekopakopa,
ba lelekwe thakong tsa habo bona.
11 Moadimani a ke a mo amohe
sohle seo a nang le sona;
batho basele ba ikgapele
tholwana tsa mofufutso wa hae.
12 Ho se be motho ya mo hauhelang,
kapa ya thusang dikgutsana tsa hae.
13 Ditloholo tsa hae di ke di timetswe,
mabitso a tsona a hlakolwe
melokong e hlahlamang.
14 Molato wa bo-ntatae
o nne o hopolwe ke Morena,
sebe sa mmae
se se ke sa hlakolwa;
15 Morena a nne a di hopole kamehla,
a ba hlakole lefatsheng,
hore ba se hlole ba hopolwa.
16 Motho eo ha a a ka a hopola,
a hopola ho ba mohau,
empa a hlorisa mohlophehi,
a hlorisa le mofutsana,
a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.
17 A rata ho rohakana:
Thohako e ke be hodima hae!
Ha a ka a thabela tlhohonolofatso:
E ke be hole le yena!
18 A apara thohako jwaloka kobo:
E ke e monyele mmeleng wa hae,
e monyele jwaloka metsi,
le masapong a hae jwaloka ole.
19 E ke be jwaloka seaparo
seo a ipopileng ka sona,
e be jwaloka leqhama
leo a itlamileng ka lona kamehla.
20 Morena a ke a putse
baqosi ba ka jwalo,
batho bana ba mpuang hampe.
21 Empa wena Morena, Morena ka,
ako nthusetse
ka baka la lebitso la hao,
o nnamolele
ka baka la mohau wa hao o molemo.
22 Ke mohlophehi, ke mofutsana,
pelo ya ka e thulame
ka sefubeng sa ka.
23 Ke ikela jwaloka meriti e theang,
ke fefolwa jwaloka tsie.
24 Mangwele a ka a tsherema,
a tsherema ke ho itima dijo,
mmele wa ka o otile
ke ho hloka mafura.
25 Ke fetohile sekgobo
ho baqosi ba ka,
ha ba mpona
ba ntshisinyetsa dihlooho.
26 Ako nthuse,
Morena, Modimo wa ka,
o mpholose ka mohau wa hao,
27 ba tle ba tsebe
hore hona ho entswe ke wena,
ke mosebetsi wa matsoho a hao,
matsoho a hao wena Morena.
28 Bona ba a rohakana,
empa wena o a hlohonolofatsa;
ba ntsohelang matla
ba ke ba hlajwe ke dihlong,
mohlanka wa hao
yena a ke a thabe.
29 Baqosi ba ka ba aparelwe ke dihlong,
tlontlollo e be jwaloka seaparo
seo ba ipopileng ka sona.
30 Ke tla boka Morena
ka lentswe le phefa,
ke mo rorise ke le hara matshwele;
31 hobane o eme ka hlakoreng le letona
hlakoreng le letona la mofutsana,
hore a tle a mo pholose
ho ba mo ahlolang.