DIPESALEMA 117

Rorisang Morena, lona ditjhaba

1 Rorisang Morena,

lona ditjhaba tsohle,

mo tlotliseng,

lona merabe yohle;

2 hoba mohau wa hae

ho rona o moholo,

botshepehi ba Morena

bo hlola kamehla yohle.

Haleluja!