DIPESALEMA 125

Morena, mosireletsi wa tjhaba sa hae

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.

Ba tshepileng Morena

ba jwaloka thaba ya Sione,

e ke keng ya sisinngwa,

e tiileng kamehla.

2 Jwalokaha dithaba

di teetse Jerusalema hare,

le setjhaba sa hae,

Morena o se teetse hare jwalo,

ho tloha jwale le kamehla yohle.

3 Efela lere la ba kgopo

le ke ke la busa

lefatshe le abetsweng ba lokileng,

esere ba lokileng ba kenya

matsoho a bona bokgopong.

4 Morena, ako etse tse molemo,

o di etsetse ba lokileng,

le ba pelo di ntle.

5 Empa ba kgelohetseng ditseleng,

ditseleng tse matswedintsweke,

Morena a ke a ba leleke,

a ba leleke le ba kgopo.

Kgotso e ke e be teng Iseraele.