DIPESALEMA 129

Thapelo e kopang ho hlola dira tsa Iseraele

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.

Haesale ba ntshwenya haholo

ho tloha botjheng ba ka,

Iseraele a ke a rialo,

2 haesale ba ntshwenya haholo

ho tloha botjheng ba ka,

empa ha ba a ka ba ntlhola.

3 Balemi ba lemile

mokokotlong wa ka,

ba entse diforo tse telele.

4 Empa Morena o lokile,

o kgaotse dikgwele tsa ba kgopo.

5 Bohle ba hloileng Sione

ba ke ba hlajwe ke dihlong,

ba tjhetjhiswe kasanthao.

6 Ba be jwaloka jwang

bo marulelong a matlo,

bo ponang pele bo ka fotholwa,

7 boo ho seng ya bo helang,

ya ka tlatsang seatla sa hae ka bona,

kapa ya tlamang mangata

a a nka ka matsoho a hae.

8 Ba fetang ka tsela

ba ke ke ba re ho bona:

“Tlhohonolofatso ya Morena

e ke e be le lona,

re le hlohonolofatsa

ka lebitso la Morena.”