DIPESALEMA 130

Thapelo e kopang kgauhelo

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.

Ke ipiletsa ho wena Morena,

ke le tlasetlase.

2 Morena, ako utlwe lentswe la ka!

Tsebe tsa hao di ke di mamele

ha ke etsa thapedi ya ka.

3 Morena, ha o tshwaya diphoso,

o tshwaya phoso tsa rona,

ke mang, Morena, ya ka phelang?

4 Empa wena o a re tshwarela,

e le hore re tle re o hlomphe.

5 Ke tshepile Morena,

moya wa ka

o tshepile lentswe la hae.

6 Moya wa ka o lebeletse Morena,

ho feta balebedi

ba lebeletseng meso,

e, ho feta balebedi

ba lebeletseng meso.

7 Iseraele a ke a lebelle Morena,

hobane Morena o mohau,

o na le topollo e kgolo.

8 Ke yena ya tla lopolla Iseraele

bokgopong bohle ba hae.