DIPESALEMA 132

Thoko ya Ntlo ya Modimo le tshepiso ya Morena ho Davida

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.

Morena, ako hopole Davida,

le ho hlopheha hohle ha hae,

2 kamoo a neng a hlapanye,

a hlapanyetsa Morena kateng,

a ikana ho Ya Matla,

Modimo wa Jakobo,

3 a re:

“Nke ke ka kena ka tlung ya ka,

kapa ka paqama diphateng tsa ka;

4 mahlo a ka

a ke ke a fumana boroko,

le dintshi tsa ka

di ke ke tsa tutubala,

5 ho fihlela

ke fumanela Morena sebaka,

ke fumanela Ya Matla Leaho,

Ya Matla, Modimo wa Jakobo.”

6 Areka re e utlwetse Eferata,

ra e fumana masimong a Jaare.

7 A re keneng ka Leahong la hae,

re itihele kapele ho yena.

8 Tloo, Morena,

o ye sebakeng sa hao sa phomolo,

wena le areka

e bontshang matla a hao.

9 Baprista ba hao ba apeswe ho loka,

batshepuwa ba hao ba etse ditlatse.

10 Ka baka la mohlanka wa hao Davida,

o se ke wa furalla

Motlotsuwa wa hao.

11 Morena o ile a hlapanyetsa Davida,

a ke ke a kwenehela tshepiso,

tshepiso ena ya nnete,

a re: “E mong

wa bana ba theka la hao,

ke tla mmea teroneng ya hao.

12 Ha bara ba hao

ba ka boloka selekane sa ka,

ba latela ditemoso

tseo ke ba neileng tsona,

le bara ba bona ba tla dula teroneng,

teroneng ya hao kamehla.”

13 Morena o ikgethetse Sione,

o ratile hore e be leaho la hae;

14 a re: “Sena ke sebaka sa ka

sa phomolo sa kamehla,

ke tla aha mona

hobane ke ratile jwalo.

15 Ke tla hlohonolofatsa Sione ka nala,

mafutsana a yona ke a fepe,

ke a fepe, a kgore.

16 Baprista ba yona

ke tla ba apesa pholoho,

batshepuwa ba yona

ba etse ditlatse.

17 “Teng ke tla bea setloholo sa Davida,

ke se bee hore e be kgosi e matla,

ke lokisetse

Motlotsuwa wa ka lebone.

18 Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong;

athe yena hloohong ya hae

ho tla kganya mofapahlooho wa hae.”