Bathopuwa ba hopola Sione
1 Mabopong a dinoka tsa Babilona,
re ne re dutse re lla,
ha re hopola Sione.
2 Meduwaneng ya tsona
re ne re fanyehile diharepa tsa rona.
3 Ke moo ba neng ba re hapile
ba ileng ba re kopa
hore re ba binele;
batubi ba rona
ba re kopa dipina tsa thabo,
ba re:
βRe bineleng difela tsa Sione!β
4 Re ka bina sefela sa Morena jwang,
lefatsheng la baditjhaba?
5 Haeba nka o lebala,
wena Jerusalema,
letsoho la ka le letona le ke le shwe.
6 Leleme la ka
le kgomarele mahalapeng a ka,
haeba ke sa o hopole,
ke sa thabele Jerusalema,
ke sa e thabele ho feta tsohle.
7 Morena, ako hopole,
ako hopole bana ba Edomo,
mohla letsatsi la Jerusalema,
ha ba ne ba re:
βE heletseng, e heletseng,
ho isa metheong ya yona!β
8 Wena motse wa Babilona,
o seng o tla ripitlwa,
ho lehlohonolo ya tla o buseletsa
seo o re entseng sona.
9 Ho lehlohonolo
ya tla nka masea a hao,
a a pshatlanye hodima lefika.