DIPESALEMA 138

Teboho ho Modimo ya tshepahalang

1 Pesalema ya Davida.

Morena, ke o boka

ka pelo ya ka yohle,

ke o roka pontsheng ya mangeloi.

2 Ke kgumama ke shebile Tempeleng,

Tempeleng ya hao e halalelang,

ke boka lebitso la hao

ka baka la mohau wa hao

le botshepehi ba hao;

o tumisitse lebitso la hao

le tshepiso ya hao ho feta tsohle.

3 Ha ke ne ke ipiletsa ho wena

o ile wa nkaraba,

wa matlafatsa moya wa ka.

4 Morena, dikgosi tsohle tsa lefatshe

di tla o boka,

ha di utlwa mantswe

a tswang molomong wa hao.

5 Di tla rorisa ditsela tsa Morena,

di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.”

6 Leha Morena a phahame hakaalo,

o bona ba eisehang;

ba ikgantshang

o ba tseba ba sa le hole.

7 Leha nka phela hara ditsietsi,

wena o baballa bophelo ba ka;

letsoho la hao

le ntshireletsa bohaleng,

bohaleng ba dira tsa ka,

letsoho la hao le letona

le a mpholosa.

8 Morena o tla phetha

seo a ntheretseng sona.

Morena, mohau wa hao

ke wa kamehla yohle;

o se lahle

mosebetsi wa diatla tsa hao.